Acts 22:1-30 SSO1989 - Bible AI

1“Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang boikarabello ba ka ho lona.”

2Ha ba utlwa hore o bua le bona ka Seheberu, ba kgutsa le ho feta pele, mme a re:

3“Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia, empa ke hodiseditswe motseng ona, ke le morutwana wa Gamaleele, ka rutwa ka nepisiso Molao wa bo-ntata rona, ka tjhesehella Modimo jwaloka lona bohle, kajeno.

4Ka ikakgela ka setotswana ho hlorisa balatedi ba Tsela ena ya Morena, ka tlama banna le basadi, ka ba isa tjhankaneng.

5Le Moprista e Moholo le lekgotla lohle la baholo ba ka mpaka. Ba ile ba mpha mangolo a ngoletsweng Bajuda baheso ba Damaseka. Ka ya teng hore ke tlise ba Tsela ena Jerusalema ba tlamilwe, hore ba tle ba otlwe.

6“Ha ke le tseleng, mme ke atametse Damaseka, e batla e eba hara mpa ya motsheare, hanghang ka teelwa hare ke lesedi le leholo le tswang lehodimong.

7Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna:

8“Ka araba, ka re: “Yaba o re ho nna:

9Ba neng ba ena le nna ba ile ba bona lesedi, empa ha ba ya ka ba utlwisisa hore na ya buang le nna o reng.

10“Ka re: “Morena a re ho nna:

11Kaha ke ne ke foufaditswe ke kganya ya lesedi leo, bao ke neng ke ena le bona ba ntataisa ka letsoho, mme ka ya fihla Damaseka.

12“Jwale monna e mong ya bitswang Ananiase, ya hlomphang Modimo ho ya ka Molao, ya pakwang ke Bajuda bohle ba ahileng moo,

13a tla ho nna, mme a ema pela ka, a re: Ka yona nako eo ka boela ka foufoloha, mme ka mmona.

14“A re:

15hobane o tla ba paki ya hae ho batho bohle, o pake tseo o di boneng, le tseo o di utlwileng.

16Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae.>

17“Ha ke kgutletse Jerusalema, mme ke ntse ke rapela ka Tempeleng, ka ba le pono.

18Ka bona Morena, mme a re ho nna:

19“Ka re:

20Ha ho tshollwa madi a paki ya hao, Setefane, ke ne ke le teng ka sebele, ke dumela, mme ke lebetse diaparo tsa ba mmolayang.>

21“A re ho nna:

22Ba mo mamela ho fihlela a bolela polelo ena, ba nto howa, ba re: “Tlosang motho ya tjena lefatsheng, hobane ha a lokele ho phela.”

23Ha ba ntse ba howeletsa, ba hlobola diaparo tsa bona, ba kgophola marole.

24Yaba molaodi wa ba sekete o laela hore Paulosi a kenngwe ka qhobosheaneng. A re hape a hlokofatswe ka ho shapuwa, hore a tle a tsebe hantle lebaka leo ba mo tlakang ka lona hakaalo.

25Empa yare ha ba mo tlama ka marapo, Paulosi a re ho molaodi wa ba lekgolo, ya emeng moo: “Na ho a dumelleha hore le shape motho eo e leng Moroma, a eso ka a ahlolwa na?”

26Yare ha molaodi wa ba lekgolo a utlwa hona, a ya ho molaodi wa ba sekete, a mo tsebisa, a re: “Motho enwa ke Moroma! O etsang?”

27Molaodi wa ba sekete a atamela, a re ho Paulosi: “Mpolelle, na o Moroma?” A re: “E.”

28Molaodi a araba, a re: “Nna ke rekile Boroma bona ka tjhelete e ngata!” Paulosi a re: “Nna ke Moroma ka tswalo.”

29Ba neng ba le lekgatheng la ho mo hlokofatsa, ba sutha hanghang ho yena. Le molaodi a tshoha ha a utlwa hore Paulosi ke Moroma, hobane o ne a se a mo tlamile.

30Ka la hosasane, kaha a ne a lakatsa ho tseba hantle hore na Paulosi o qoswa kang ke Bajuda, a mo lokolla, a laela hore baprista ba baholo, le lekgotla lohle, ba phuthehe, a nto tlisa Paulosi, a mo emisa kapele ho bona.

© Bible Society of South Africa, 1989
div>