Amos 1:1-15 SSO1989 - Bible AI

1Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.

2Yaba Amose o re: “Morena o puruma a le Sione, o thwathwaretsa a le Jerusalema; makgulo a badisa a a omella, tlhoro ya Karamele yona e a pona.”

3Morena o bua tjena: “Baahi ba Damaseka ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba siditse Gileade ka dilei, ka dilei tse nang le meno a tshepe.

4Ntlo ya Hasaele ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Bene-Hadade ke a timetse.

5Ke tla roba mekwallo ya kgoro tsa Damaseka, ke timetse ba ahileng ka Kgohlong ya Afene, le ya tshwereng lere la puso, puso ya Bete-Edene baahi ba Arame ba thopelwe Kire,” ho rialo Morena.

6Morena o bua tjena: “Baahi ba Gasa ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba thopile setjhaba, ba se thopa kaofela ha sona, ba se rekisetsa Baedomo hore e be makgoba.

7Marako a Gasa ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse.

8Ke tla timetsa baahi ba Ashedode, le ya tshwereng lere la puso, puso ya Ashekelone; motse wa Ekerone ke tla o otla, masalla wohle a Bafilesita ke a timetse,” ho rialo Morena Modimo.

9Morena o bua tjena: “Baahi ba Tire ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba thopetse setjhaba kaofela Edomo, ba sa llelane letsetse sa bana ba motho.

10Marako a Tire ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse.”

11Morena o bua tjena: “Baahi ba Edomo ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba manakisitse bana babo bona, ba ba manakisa ka sabole, ba ba manakisa ba se na mohau, ba pheella kgalefong ya bona, bohale ba bona ba tuka malakabe, ba tuka sa malakabe a sa time.

12Motse wa Temana ke tla o tjesa, matlo a dikwele tsa Bosera ke a timetse.”

13Morena o bua tjena: “Baahi ba Amone ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba tabotse baimana ba Gileade, ba ba tabola dimpa, ba tle ba atolose meedi ya bona.

14Marako a Raba ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse, hara mokorotlo, mohla tsatsi la ntwa, hara lehoduotswana, mohla tsatsi la sefefo.

15Kgosi ya Amone e tla thopuwa, Yona le mahosana a yona kaofela,” ho rialo Morena.

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>