Amos 2:1-16 SSO1989 - Bible AI

1Morena o hua tjena: “Baahi ha Moabe ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba tjhesitse masapo, masapo a kgosi ya Edomo, ba a tjhesa a ba a fetoha molora!

2Naha ya Moabe ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Keriote ke a timetse. Moabe e tla timela ho le morusu, ho le mokorotlo, ho lla lenaka.

3Mmusi wa Moabe ke tla mo timetsa, ke mmolaye le mahosana a hae kaofela,” ho rialo Morena.

4Morena o bua tjena: “Baahi ba Juda ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba furaletse Molao wa Morena, ha ba a boloka ditaelo tsa hae; ba kgelositswe ke medingwana bona, eo bo-ntata bona ba neng ba e sebeletsa.

5Naha ya Juda ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Jerusalema ke a timetse.”

6Morena o bua tjena: “Baiseraele le bona ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ya lokileng ba mo rekisa tjhelete, mofutsana ba mo rekise meqathatso.

7Ba fokolang ba ba hatakela dihlooho, ba hatakelle hlooho tsa bona leroleng, batlatlapuwa ba ba hlokele toka. Mora le ntatae ba kopanela seotswa, bitso la ka le halalelang ba le hlompholle jwalo.

8Kathoko ho aletare tsohle ba a robala, ba robale ka kobo tse beilweng paneng. Ka Tempeleng ya Modimo wa bona ba nwela veine eo ba lefilweng ka yona.

9Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.

10Ke ne ke le ntshe, ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le ntsha, ka le tsamaisa lehwatateng, ka le tsamaisa ka lemo tse mashome a mane, ho ya le nea naha ya Baamore.

11Hara bara ba lona ka hlahisa baporofeta, hara bahlankana ba lona ka hlahisa bakgethwa. Na ha ho jwalo, lona tjhaba sa Iseraele?” ho rialo Morena.

12“Empa bakgethwa le ba nwesitse veine, la ba la hanela baporofeta, la ba hanela ho porofeta.

13“Bonang, ke tla le ripitla, ke le pidile sa koloi e qeqeketse haholo.

14Ba lebelo ba ke ke ba phonyoha, matla a diqhobane a ke ke a di thusa, le mohlabani a ke ke a ipholosa.

15Ya fulang ka motsu a ke ke a ema, mohlabani ya lebelo a ke ke a phonyoha, le mopalami a ke ke a ipholosa.

16Le bahale ba bahale ba tla baleha, ba balehe ba le poosho mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena.

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>