1Dintho tsohle di beetswe dinako tsa tsona, nako tsa ho etsa tsohle mona lefatsheng:
2Ke nako ya ho tswalwa le nako ya ho shwa, nako ya ho hloma le nako ya ho hlomola;
3nako ya ho bolaya le nako ya ho fodisa, nako ya ho heletsa le nako ya ho haha;
4nako ya ho lla le nako ya ho tsheha, nako ya maswabi le nako ya mohobelo;
5nako ya ho lahla majwe le nako ya ho a phutha, nako ya ho akana le nako ya ho se akane;
6nako ya ho batla le nako ya ho tela, nako ya ho boloka le nako ya ho lahla;
7nako ya ho tabola le nako ya ho roka, nako ya ho kgutsa le nako ya ho bua;
8nako ya ho rata le nako ya ho hloya, nako ya ntwa le nako ya kgotso.
9Mosebetsi oo motho a o fufulellwang o mmuseletsa eng?
10Ke bone mosebetsi o boima oo Modimo a o neileng batho hore ba o sebetse.
11O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.
12Ke a tseba hore ha ho letho le molemo ho motho, haese feela ho ithabisa le ho etsa tse ntle ha a sa ntsane a phela.
13Ha motho ka mong a eja, a enwa, a fumane tse molemo ka mesebetsi ya hae, hoo ke mpho ya Modimo.
14Ke tseba le hore tsohle tseo Modimo a di etsang di tla hlola kamehla yohle. Ha ho letho leo motho a ka le eketsang kapa a le fokotsa ho tsona. Modimo o etsa tsena hore batho ba tle ba mo tshabe.
15Tse teng ha di qale ho ba teng, tse tla ba teng di bile teng pele; Modimo o etsa hore tsohle di sene, di suthelane sebaka.
16Mona lefatsheng ka boela ka bona hona: Sebakeng sa kahlolo ka bona bokgopo, sebakeng sa toka ka bona bokgopo.
17Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Modimo o tla ahlola ya lokileng le ya kgopo; ntho ka nngwe e na le nako ya yona, ketso ka nngwe e na le nako ya yona.”
18Ka boela ka bua ka pelo, ka re: “Modimo o bea batho tekong, hore ba tle ba lemohe hore ba tshwana le diphoofolo.
19Tse hlahelang diphoofolo di hlahela le batho. Pheletso ya bona e tshwana le ya diphoofolo; batho ba shwa jwaloka diphoofolo. Motho o phefumoloha moya o tshwanang le oo phoofolo e o phefumolohang. Motho ha a fete phoofolo ka letho, hobane tsohle ke lefeela.
20Ntho tsohle di fella nqa e le nngwe; tsohle di tswa leroleng, mme tsohle di kgutlela leroleng.
21Ke mang ya tsebang hore na moya wa motho o nyolohela hodimo, wa phoofolo wona o theohela tlasa lefatshe?”
22Ka baka leo ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a ithabise ka tseo a di entseng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. Ke mang ya ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shwele?