Ecclesiastes 4:1-16 SSO1989 - Bible AI

1Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng: Ka bona meokgo ya ba hatellwang, feela bona ba se na motshedisi; bahatelli ba bona ba ena le matla, feela ba hatellwang ba se na motshedisi.

2Kahoo ka lebohela ba seng ba shwele, ho ena le bana ba ntseng ba phela.

3Bobedi ba fetwa ke ya eso tswalwe, ya eso ka ba a bona bokgopo, bokgopo bo etswang mona lefatsheng!

4Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.

5Sethoto se phutha matsoho a sona, mme se ipolaye ka bosona.

6Seatla se le seng se fupereng kgotso se feta tse pedi tse tshwereng ka thata, tse lelekisang moya feela.

7Yaba ke boela ke bona mafeela mona lefatsheng:

8Motho ya mong to! ka monwana, ke eo, ha a na mora, ha a na ngwanabo, o sebetsa ka thata a sa kgaotse, le yena ka boyena ha a kgotsofalle leruo la hae. Jwale o a ipotsa: “Ke sebeletsa mang, ha ke itima tsa boithabiso?” Le hona ke lefeela, ke ho sebeletsa lelea!

9Ba babedi ba feta ya mong, moputso wa bona o a hlamatseha.

10Ha e mong a ewa, e mong o a mo tsosa; ho madimabe ya wang ho se na mothusi!

11Ba babedi ba a futhumatsana ha ba kopanetse dikobo; ya robetseng a le mong a ka futhumala jwang?

12Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata, thapo e kgwele di tharo e dieha ho kgaoha.

13Mohlankana ya futsanehileng, empa a le bohlale, o feta kgosi e tsofetseng, e sethoto, e seng e sa tsebe le ho mamela dikeletso.

14Mohlomong mohlankana eo o tswa tjhankaneng ho tla ba kgosi, kapa ebe o tswaletswe bofutsaneng, empa a tswallwa mmusong oo e tla ba wa hae.

15Ke bone batho bohle ba phelang mona lefatsheng, ba tsamayang le mohlankana ya tla hlahlama kgosi.

16Batho bao kgosi e tla ba busa ha ba na palo, empa le yona kgosi ha e se e fetile e ke ke ya thabelwa ke ba tla e hlahlama. Ruri le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisana le moya feela.

icle>