Ezekiel 15:1-8 SSO1989 - Bible AI

1Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

2“Wena ngwana motho, fate sa morara se feta fate tse ding kang? Kala la wona le feta la fate tsa moru jwang?

3Na ebe lehong la sefate sa morara le ka sebediswa ho etsa ntho ya bohlokwa? Na ebe ka lona ho ka etswa semapo, hodima sona yaba phahlo di a fanyehwa?

4Ha le akgelwa mollong, le beswa, ntlha tsa lona tse pedi di etjha, bohare ba lona bo sala e le mashala, na ho ka etswa ntho ya bohlokwa ka lona?

5Leha le ne le ntse le sa feletse, ntho ya bohlokwa e ne ke ke ya etswa ka lona; jwale ha le se le tjhesitswe ke mollo, le tjhele, le setse e le mashala, na ho ka etswa ntho ya bohlokwa ka lona?

6“Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Fate sa morara hara difate tsa moru, mosebetsi wa sona ke ho besa mollo; le baahi ba Jerusalema ba tla ba jwalo!

7Ke tla ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantshe; ba tla phonyoha mollong wa pele, wa bobedi wona o ba tjhese, o ba timetse; kahoo le tla tseba hoba ke nna Morena, ha ke ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantsha.

8Naha ke tla e fetola, e be nanaola, hobane ba ile ba ntlhokela botshepehi, Morena Modimo o bua jwalo.”