1“Llela mahosana a Iseraele,
2o re: “ 3Le leng la madinyane a hae a le hodisa, la fetoha tawana; tawana ya ithuta ho tsoma le ho harola, ya harola, ya eba sejabatho. 4Yaba ditjhaba di utlwela ka yona, tsa e tjheha, ya wela ka lemeneng la tsona, tsa e tlama ka mahlaahlela, tsa e isa naheng ya Egepeta. 5“ 6Dinyane la feresa kahara ditau tse kgolo, la hola, la ba la fetoha tawana; tawana ya ithuta ho tsoma le ho harola, ya harola, ya eba sejabatho. 7Qhobosheane tsa bona ya di heletsa, metse ya bona le yona ya e ripitla. Baahi bohle ba naha eo ba tshoha, ba tshoswa ke tawana ha e puruma. 8Yaba tjhaba di futuhela tawana, tsa e futuhela di etswa kahohle; tsa e tjhehela leraba e tle e tshwaswe, mme ya wela ka lemeneng la tsona. 9Tsa e kenya ka mokibeng e le mahlaahlela, tsa e isa ho kgosi ya Babilona; tsa a hlahlela ka tjhankaneng ho puruma ha yona ho se ke ha utlwahala, ho se utlwahale thabeng tsa Iseraele. 10“ 11Makala a sona a nyanya hantle, a etsetsa babusi mare a puso; fate sa hola, sa lopalla hara makala, sa lopalla, sa ebesela makala. 12Empa sa fotholwa ka kgalefo, sa fotholwa, sa dihelwa fatshe; moya wa botjhabela wa omeletsa tholwana tsa sona, makala a sona a nyantseng a ba a robeha, a omella, mollo wa a tjhesa, wa a fedisa. 13Kajeno fate sena se lenngwe hara lehwatata, mobung o omeletseng, sebataolong. 14Kutung ya sefate ho ile ha qhoma mollo, wa tjhesa makala, wa tjhesa le tholwana tsa sona; kahoo makala a nyantseng ha se na wona, ha se na le le ka etsang lere la puso.> “Ena ke yona kodi-ya-malla, mme e tla nne e be kodi-ya-malla.”