Ezekiel 24:1-27 SSO1989 - Bible AI

1Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome selemong sa borobong, lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

2“Wena ngwana motho, ngola letsatsi lena, le yona nako ena, hobane ka lona letsatsi lena, kgosi ya Babilona e tla etsetsa Jerusalema thibella.

3Bolella ba ntlo ena ya bafetohedi papiso ena, o re ho bona:

4Pheha nama ka yona, o phehe nama e nonneng, nama ya serope le ya sephaka, o phehe le mashwetla a yona;

5tsena e be tsa nku e kgethehileng, e kgethehileng kahara mohlape. Beseletsa pitsa ena e bele, nama e be e tswe masapong.

6

7

8Ho tsosa kgalefo le boiphetetso ba ka, ke ile ka a tlohela hodima lefika, moo a neng a ke ke a pateha.

9

10Bokella patsi o e hotetse, pheha nama o e butswise, o tjhese moro, le masapo a tjheswe.

11Bea pitsa e feela hodima mashala, e be e tjhese, those la yona le tlerefale, ditshila tsa yona di qhibidihe kahare, mafoome a yona a tjheswe ke mollo.

12Matsapa wohle a lekilwe, a hlotswe, e kganathetse mafoome, a hana ho tloha, ke mollo feela o ka tsebang ho a tlosa.

13

14

15Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

16“Wena ngwana motho, ka ho panya ha ntshi ke tla o amoha mosadi wa hao, e leng moratuwa wa hao e moholo. Leha ho le jwalo o se ke wa lla, kapa wa bokolla, kapa wa keleketla dikeledi.

17O fehelwe o ntse o kgutsitse, o se ke wa llela bafu. O nne o rwale moqhaka wa hao hloohong ya hao, le meqathatso ya hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao kapa wa ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.”

18Kahoo ka bua le setjhaba hoseng, mantsiboya mosadi wa ka a hlokahala. Ka la hosasane ka etsa kamoo ke neng ke laetswe kateng.

19Yaba setjhaba se a mpotsa, se re: “Na o ka re hlalosetsa hore na dintho tsee tseo o di etsang di re supisa eng?”

20Ka se araba, ka re: “Lentswe la Morena le ile la fihla ho nna, la re:

21

22Le tla etsa kamoo ke entseng kateng. Le se ke la kwahela ditedu tsa lona, leha e le ho ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.

23Le rwale meqhaka ya lona dihloohong, le meqathatso ya lona maotong. Le ke ke la lla leha e le ho bokolla, empa le tla motela ka baka la dibe tsa lona, mme le llelane.

24Esekiele e tla ba sesupo ho lona; le tla etsa jwalokaha a entse. Etlare ha tsena di phethahala le tsebe hore ke nna Morena Modimo.>

25“Jwale he, wena ngwana motho, ke tla tlosa hara bona qhobosheane eo ba ikgantshang ka yona, eo ba e ratang haholo, eo ba itlotlang ka yona, eo ba e labalabelang; ke tlose le bara le baradi ba bona.

26Hona mohlang oo ya tla phonyoha o tla fihla a o behele ditaba,

27leleme la hao le rarolohe, o tsebe ho bua le ya phonyohileng, o se hlole o eba semumu. O tla ba sesupo ho bona, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”

>