Ezekiel 27:1-36 SSO1989 - Bible AI

1Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

2“Wena ngwana motho, binela Tire kodi-ya-malla.

3Bolella Tire, o re:

4Meedi ya hao e hara mawatle, bahahi ba hao ba ritile botle ba hao.

5Kgopo tsa hao ba di haha sa sekepe se setle, ba di haha ka phaena e tswang Senire; ba nka dikedare tse tswang Lebanone, ba o etsetsa thupa tsa ho thakgolla diseile.

6Ka fate tsa eike tse tswang Bashane ba etsa masokwana, ba a etsetsa wena; ka fate tsa kipere tse tswang Kitime ba etsa sethala, ba se etsetsa wena, ba o kgabisa ka manaka a tlou.

7Diseile tsa hao ba di entse ka lene, lene e homilweng, e tswang Egepeta, e bile ke yona mokgele wa hao; masira a hao a maputswa, a perese, ke a tswang mabopong a Elisha.

8Basoki ba hao ba tswa Sidone le Arefade, basesisi ba hao ba bohlale ke ba Tire.

9Ditsebi tsa mesebetsi tse tswang Gebale, di ne di le teng ho thiba matlere a hao. Dikepe tsohle le basesisi ba tsona di ne di etla ho tla hweba le wena.

10

11Banna ba Arefade le banna ba Heleke ba sireletsa marako a hao kahohle; banna ba Gamade ba lebela ditora tsa hao, ba fanyeha dithebe tsa bona ho pota mabota, botle ba hao bo phethahatswa ke bona.

12

13

14

15

16

17

18

19

20

21

22

23

24Batho bana ke bona ba neng ba hweba le wena ka dintho tse ntlentle: ka masela a maputswa le a homilweng, le ka diaparo tse ntle, tse mebalabala, tse nang le difoofo.

25

26Basoki ba hao ba o isa mawatleng, ba o isa mawatleng a sabaletseng: Empa moya wa botjhabela o tla o thua, o o etse ditsekana hara bodiba!

27Matlotlo a hao le thepa ya kgwebo, bo-radikepe le basesisi ba hao, malala a hao a thibang dikepe matlere, bahwebi ba hao bohle le bahlabani, le batho bohle ba kahare ho wena, ba tla teba bodibeng ba lewatle, mohla koduwa ya ho thueha ha hao.

28Naha tse bopong la lewatle di tla reketla, di reketle ha basesisi ba hao ba howa!

29Basoki bohle ba tla tlohela dikepe tsa bona, bo-radikepe le basebetsi bohle ba tsona, ba tla di theoha, ba eme hodima lebopo.

30Ba tla howeletsa haholo ba tlerohe, ba lle habohloko, ba o llele, ba itshele ka lerole hodima dihlooho, ba ipitike le hodima molora.

31Dihlooho tsa bona ba tla di beola, ba di beole, ba di beolele wena, ba apere aparo tse mahwashe. Ba tla o llela ka pelo tse bohloko, bofifi ba bona e be ba mahlomola.

32Dillong tseo tsa bona tsa bofifi, ba tla o binela kodi-ya-malla, ba re: “Ke motse ofe o kila timetswa sa Tire, wa timeletswa bodibeng ba lewatle?”

33Ha thepa ya hao e ne e tshela mawatle, o no fepa matjhabatjhaba, o a kgorisa; ka bongatangata ba matlotlo a hao, ka bongatangata ba thepa ya hao ya kgwebo, kgosi tsa lefatshe o ila di ruisa.

34Jwale o thuehetse hara mawatle, wa teba hara bodiba ba metsi; thepa yohle ya hao ya kgwebo, le bohle ba neng ba le ho wena, tsena tsohle di tebile mmoho le wena.

35Batho bohle ba ahileng mabopong a lewatle, pheletso ena ya hao e ba tshositse; dikgosi tsa bona di tetemisa dirope, fahleho tsa tsona di tsunkantswe ke letswalo.

36Bahwebi ba matjhaba ba o nyekoletsa melomo; pheletso ya hao ruri e a tshabeha, ha o sa tla ba teng kamehla yohle!> ”

>