1Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
2“Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re: 3Na o bohlale ho feta Daniele? Ha ho sephiri se patehileng ho wena? 4Ka bohlale ba hao le ka kutlwisiso ya hao, o ile wa ipokellela matlotlo, wa bokella kgauta le silefera, wa di bokella matloleng a hao. 5Ka tsebo ya hao e kgolo ya kgwebo, o ile wa atisa matlotlo a hao; ka baka la maruo ao a hao, boikakaso ba hao le bona ba tota. 6“ 7ke tla tlisa baditjhaba ba o futuhele, baditjhaba ba sehloho ho feta bohle; ka sabole tsa bona ba tla senya botle ba hao, ba senye le tsohle tsa bohlale ba hao, tlotla ya hao ba e silafatse. 8Ba tla o dihela ka mohohlong, o shwe lefu le sehloho haholo, lefu la ba shwelang bodibeng, bodibeng ba lewatle. 9Na ha o shebana le babolai ba hao, o tla nno ipolele, o re o modimo? Ha o le matsohong a babolai ba hao o tla nno be motho, e seng Modimo. 10O tla bolawa ke baditjhaba, o shwe lefu la maqai, hobane ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo.> ” 11Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 12“Wena ngwana motho, binela kgosi ya Tire kodi-ya-malla, o re ho yona: 13O no phela Edene, rapeng sa Modimo, mekgabo ya hao e le mahakwe a bohlokwa: dirubi, didaemane le ditopase; berile, kareneleane, le jasepere; safire, emeraleda le karanete. Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta, tsena tsohle o no di etsetswe, wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao. 14O no tlotswe, wa ba kerubime e sireletsang, nna ka seqo, ke o beile jwalo. O no le thabeng ya Modimo, thaba e halalelang, o tsamaya hara majwe a phatsimang sa malakabe. 15Ho tloha mohla letsatsi, tsatsi la tlholeho ya hao, ho fihlela bokgopo bo fumanwa ho wena, tsela tsa hao di ne di se na kodi. 16Ka baka la ho nama ha kgwebo ya hao, pelo ya hao e ila tlala sehloho, yaba jwale wena o etsa sebe. Kahoo ka o leleka thabeng ya Modimo, ka o leleka ke ho silafala ha hao, ka o timetsa, wena kerubime e sireletsang, ka o tlosa hara majwe a phatsimang sa malakabe. 17Ka baka la botle ba hao o ila ikakasa, tlotla ya hao ya silafatsa bohlale ba hao; kahoo yaba nna ke o lahlela fatshe, ke o etsa sekao hore dikgosi di bone! 18O silafaditse dihalalelo tsa hao, wa di silafatsa ka bongata ba makgopo a hao, wa di silafatsa ka ho hweba ka bolotsana; kahoo ke tla hotetsa mollo kahare ho wena, wona o o tjhese, o be o o timetse, ke o fetole molora hodima lefatshe, moo batho bohle ba ntseng ba o bona. 19Tjhaba tsohle tse o tsebang di tla o makalla; pheletso ya hao e tla ba e sehloho, o ke ke wa hlola o eba teng, o eba teng kamehla yohle.> ” 20Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 21“Wena ngwana motho, tadima Sidone, o e porofetele. 22Ere ho yona: 23Sidone ke tla e dihela lefu, ke e dihele lefu la sewa, madi a phalle diterateng tsa yona. Babolauwa e tla ba mofela, e be mofela diterateng, kahohle sabole e tla ba bolaya; kahoo ba tla tseba hore ke nna Morena. 24“ 25“ 26Ba tla phela teng ka kgotso, ba hahe matlo, ba leme masimo a morara. E, ba tla phela teng ka kgotso ha ke se ke ahlotse bohle ba ahelaneng le bona, ba neng ba ba nyedisa. Kahoo ditjhaba tseo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa tsona.> ”