1Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
2“Wena ngwana motho, porofeta, o re: 3Tsatsi leo le se le atametse, tsatsi la Morena le se le atametse! E tla ba tsatsi la ho phethesela ha maru, e be tsatsi la ho ahlola baditjhaba. 4Egepeta e tla futuhelwa e futuhelwe ka disabole, Kushe yona e aparelwe ke ditlokotsi, ha banna ba ewa mofela naheng ya Egepeta, matlotlo a yona ba a lobela, metheo ya yona ba e fata, ba e heletsa! 5“ 6“ 7“ 8Ha ke tjhesa hlaha naheng ya Egepeta, bohle ba thusanang le yona ke ba ripitla, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena. 9“ 10“ 11Kgosi Nebukadenesare le bahlabani bohle ba hae, tjhaba se sehloho ho feta ditjhaba tsohle, ba tla romelwa ho ripitla naha ena; Egepeta ba tla e futuhela, ba e futuhele ka disabole, naha yohle ba e tlatse topo tsa babolauwa! 12Melatswana ya noka ya Nile ke tla e pshesa, ke neelane ka naha matsohong a ba kgopo. Naha le tsohle tsa yona ke tla di etsa nanaola, ke di etse nanaola ka tsoho la baditjhaba, ke nna Morena ya buileng jwalo. 13“ 14Patarose ke tla e fetola e be nanaola, ke tjhese hlaha kahara motse wa Sowane, motse wa Tebese wona ke o otle. 15Kgalefo ya ka ke tla e hlatsetsa hodima Sine, Sine eo e leng qhobosheane, qhobosheane ya Egepeta, mabotho a Tebese wona ke a ripitle. 16Ke tla tjhesa hlaha kahara naha ya Egepeta, Sine e meneke ke ho utlwa bohloko; marako a Tebese wona a tla heletswa, ka matsatsi wohle Nofa e phele ka ditlokotsi. 17Bahlankana ba Afene le ba Pi-Besete ba tla bolawa ka sabole thekong ya ntwa, baahi ba metse ena ba ye bothopuweng. 18Mohla ke robang joko ya Egepeta, motse wa Tahepanehese o tla aparelwa ke lefifi, matla a wona a boikgohomoso, wona a fele. Leru le letsho le tla kwahela Egepeta, baahi ba yona ba iswe bothopuweng. 19Ha ke otla Egepeta ka wona mokgwa ona, Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.> ” 20Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya pele selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 21“Wena ngwana motho, ke robile letsoho la Faro, kgosi ya Egepeta. Ha le a ka la tlamellwa hore le tle le fole, leha e le ho qahathiswa ka dithupa hore le tle le matlafale, le tsebe ho tshwara sabole. 22Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ke lwantshana le Faro, kgosi ya Egepeta. Ke tla roba matsoho a hae a mabedi, le phelang hantle le le robehileng, mme ke tla etsa hore sabole e we letsohong la hae. 23Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele. 24Ke tla matlafatsa matsoho a kgosi ya Babilona, ke e tshwarise sabole ya ka, empa ke tla roba matsoho a Faro, yena a dumaele kapele ho sera sa hae, modumaelo wa hae o ke wa motho ya shwang. 25Matsoho a kgosi ya Babilona wona ke tla a matlafatsa, empa a Faro wona a tla lepella feela. Etlare ha ke tshwarisa kgosi ya Babilona sabole ya ka, mme kgosi eo e e otlollela hodima naha yohle ya Egepeta, Baegepeta ba tsebe hore ke nna Morena. 26Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”