1Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le metso e mmedi selemong sa leshome le metso e mmedi, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:
2“Wena ngwana motho, binela Faro, kgosi ya Egepeta, kodi-ya-malla, o re: “
3“Morena Modimo o bua tjena: “ 4Ke tla o akgela hodima lefatshe, ke o akgele hara mmanana, ke etse hore nonyana di dule hodima hao, batana tsohle tsa naha di je setopo sa hao. 5Ke tla lahla nama ya hao, ke e lahlele hodima dithaba, ke tlatse dikgohlo ka mosohlo wa hao. 6Hohlehohle ho ya fihla dithabeng, ka madi a hao ke tla nwesetsa naha, dikgohlo tsona di tlale nama ya hao. 7Etlare ha ke o timetsa mahodimo ke a kwahele, dinaledi tsa wona ke di fifatse. Letsatsi le tla kwahelwa ke maru, kgwedi e se ke ya eba le ngwedi. 8Masedi wohle a phatsimang a lehodimo ke tla a fifatsa ka baka la hao, naha ya hao e aparelwe ke lefifi, ho rialo Morena Modimo. 9“ 10Ke tla etsa hore tjhaba tse ngata di o makalle, kgosi tsa tsona di thothomele ke tshabo, ha ke tsokotsa sabole ya ka kapele ho tsona. Mohla tsatsi la timelo ya hao, batho ba tla thothomela ka nako tsohle, motho ka mong a thothomele ke tshabo. a thothomele ke ho tshaba lefu la hae. 11“ 12Mabotho a hao ke tla a etsa mofela, ke a bolaye ka sabole tsa natla tsa banna, banna ba sehloho ho feta ditjhaba tsohle. Bokgabane ba Egepeta ba tla bo fedisa, mabotho wohle a yona ba a ripitle. 13Kgomo tsa hao tsohle ke tla di bolaya, kgomo tse pela motlaputlapu, motlaputlapu wa metsi; ha a sa tla dukwa ke leoto la motho, ha a sa tla dukwa ke tlhako ya kgomo. 14Ke tla hlwekisa metsi, maduke a fele, dinoka tsa teng di phalle jwaloka ole, ho rialo Morena Modimo. 15“ 16“Ena ke kodi-ya-malla eo ba tla e binela Egepeta. Basadi ba baditjhaba ba tla e bina, ba llele Egepeta le setjhaba sohle sa yona, ho rialo Morena.” 17Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi selemong sa leshome le metso e mmedi, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 18“Wena ngwana motho, llela setjhaba sa Egepeta, ebe o se romela Nqalong ya Bafu mmoho le baradi ba ditjhaba tse ding tse matla, tse theohetseng mohohlong. 19Ere ho tsona: “ 20“Setjhaba sa Egepeta se tla shwela hara ba bolailweng ka sabole. Se abetswe sabole, kahoo se hulele ho yona le mabotho wohle a sona. 21Dinatla tsa bahlabani ba Nqalong ya Bafu di tla bua ka Faro le ba thusanang le yena, di re: 22“Asiria e teng le mabotho wohle a yona, e teetswe hare ke mabitla a bahlabani bohle ba yona, ba bolailweng ka sabole. 23Mabitla a bona a dikgotjheletsaneng tsa mohohlo, a teetse lebitla la Asiria hare. Bohle ba bolailweng ka sabole, ke bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng. 24“Elame le yona e teng, mabotho a yona a teetse lebitla la yona hare. Kaofela ha bona ba bolailwe ka sabole, ba theohela Nqalong ya Bafu e ntse le maqai; bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng; jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng mohohlong. 25Elame e abetswe diphate hara ba bolailweng le mabotho wohle a yona. E teetswe hare ke mabitla a bona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole. Le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng, jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng lebitleng. Elame e beilwe hara ba bolailweng. 26“Mesheke le Tubale le tsona di teng, mmoho le mabotho wohle a tsona. Di teetswe hare ke mabitla a bahlabani ba tsona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole, le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng. 27Empa ha ba a epelwa le bahlabani ba maqai ba bolailweng, ba theohetseng Nqalong ya Bafu le dihlomo tsa bona tsa ntwa, ba ileng ba sama disabole tsa bona, ditopo tsa bona tsa kwahelwa ka dithebe tsa bona, le hoja ba ile ba tshosa dinatla tse phelang lefatsheng. 28“Le wena Faro, o tla robokelwa, o rapalle hara maqai le ba ileng ba bolawa ka sabole. 29“Edomo le yona e teng, le dikgosi tsa yona le mahosana a yona. Le hoja batho bana e ne e le dinatla, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole. Ba tla rapalla jwalo le maqai le ba theohelang mohohlong. 30“Ho teng le mahosana wohle a leboya, le Basidone bohle ba teng ba theohetseng mohohlong le ba bolailweng ka sabole. Le hoja ba ne ba tshajwa haholo, bonatla ba bona bo ba hlabisitse dihlong, ba shwele e ntse le maqai, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole, ba jere sekgobo sa bona le ba theohetseng mohohlong. 31“Faro o tla bona batho bana bohle ba bolailweng ka sabole, mme o tla tshediseha, yena le mabotho wohle a hae, ho rialo Morena Modimo. 32“Le hoja ke ile ka etsa hore Faro a tshajwe haholo ke batho ba phelang lefatsheng, o tla rapalla hara maqai le ba bolailweng ka sabole; yena Faro le mabotho wohle a hae, ho rialo Morena Modimo.”