Hosea 2:1-23 SSO1989 - Bible AI

1“Ereng ho bana babo lona: , ho dikgaitsedi tsa lona le re: .

2“Kgalemang mma lona, le mo kgaleme, hoba yena ha e sa le mosadi wa ka, le nna ha ke sa le monna wa hae. Lebososelo la bootswa a le fedise, dinyatsi di tlohe sefubeng sa hae.

3Ho seng jwalo ke tla mo tsodisa, a be poosho sa mohla a tswalwang; ke mo etse hore a ke lehwatata, ke mo fetole e be sebataolo, ke mmolaye ka ho mmolaisa lenyora.

4Bana ba hae nke ke ka ba hauhela, hoba ke bana ba tswetsweng, ba tswetsweng ka bootswa.

5Mma bona a na a iketsa seotswa, a itlontlolla ha a ba emola, a re:

6Ka meutlwa tsela hae ke tla e ralla, ke be ke e thibe ka ho haha lerako, a se ke a tsamaya ka tsela tsa hae tsa kgale.

7O tla manakisa medingwana hae, a e manakise, a se ke a e tshwara; o tla e batlisisa, a se ke a e fumana. Ke moo he a tla re:

8O na sa tsebe hore mofani ke nna, mofani wa koro le veine le ole, ya mo fileng silefera le kgauta e ngata, eo ba sebeleditseng Baale ka yona.

9“Kahoo ke tla mo amoha koro ya ka e butswitse, ke mo amohe veine ya ka e ritelehile, ke mo amohe boya le motsitla wa ka, tseo a patang bofeela ba hae ka tsona.

10Jwale bofeela ba hae ke tla bo pepesa, ke bo pepese mahlong a medingwana ya hae; ha ho ya tla mo namolela matsohong a ka.

11Ke tla fedisa menyaka yohle ya hae, mekete ya hae ya selemo ka seng, ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, mekete yohle e halalelang ke e fedise.

12Ke tla senya fate tsa morara, ke senye le tsa feiye, tseo a reng ke moputso wa hae, moputso o tswang ho medingwana ya hae, medingwana eo a e ratang haholo. Fate tseo ke tla di etsa mofero, batana tsa naha di itjelle tsona.

13Ke tla mo otlela matsatsi a hae a pele, matsatsi a ho sebeletsa bo-Baale, ao ka wona a na ba tjhesetsa mokubetso, a ikgabisitse ka masale le mabenyane, a manakisana le medingwana ya hae, mme nna a se a bile a ntebetse,” ho rialo Morena.

14“Bonang, jwale ke tla mo qekisa, ke ye le yena kwana lehwatateng, teng ke bue le yena ka lerato.

15Moo teng ke tla mmuseletsa, ke mmuseletse dirapa tsa morara, kgohlo ya Akore ke e etse monyako wa tshepo. Teng o tla tsanyaola, a tsanyaole sa botjheng ba hae, sa mohla a neng a nyoloha Egepeta.

16“Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “wena o tla mpitsa: , ha o sa tla hlola o mpitsa: , e leng ho bolela: .

17Mabitso a bo-Baale ke tla a fedisa, le ho bitswa a ke ke a hlola a bitswa.

18Mohla tsatsi leo ke tla ba etsetsa selekane, ke ba etsetse sona le batana tsa naha, ke ba etsetse sona le nonyana tse fofang, le tsona dihahabi tse holobang mobung. Ke tla fedisa seqha le sabole ya ntwa, ke di fedise hona naheng eo, bohle ba tle ba phele, ba iphelele ka kgotso.

19Ke tla o nyala o be wa ka kamehla, ke o nyale ka toka le ka ho loka, ka lerato le ka kutlwelobohloko.

20Ke tla o nyala ka botshepehi, mme o tla tseba hore ke nna Morena.

21“Mohla tsatsi leo ke tla araba,” ho rialo Morena, “ke tla arabela mahodimo, mahodimo wona a arabele lefatshe.

22Lefatshe le lona le tla arabela, le medise koro le veine le ole, tsena di arabele Jesereele.

23Ke tla mo jakisa naheng ena, ke hauhele ya neng a bitswa Mohanuwa; ho bao e neng e se setjhaba sa ka ke tla re: bona ba re:

© Bible Society of South Africa, 1989
div>