Isaiah 16:1-14 SSO1989 - Bible AI

1Thellang mmusi wa naha ka ho romela dikonyana, di romelwe di etswa Sela, mose wane ho lehwatata, di romelwe thabeng ya moradi wa Sione.

2Baradi ba Moabe ha ba le madibohong a Arenone, ba ka nonyana tse phuphuselang, di lelekilwe sehlaheng sa tsona. Ba re:

3“Re eletse, o re etsetse qeto, moriti wa hao o re sireletse motsheare, sa fifi la bosiu; pata ba lelekilweng, o se eke baphaphathethi.

4Eba setshabelo sa Bamoabe, Bamoabe ba lelekilweng, o ba sireletse ho ya ba timetsang.” Motlatlapi o tla kgaotsa ho tlatlapa, mosenyi yena a kgaotse ho senya, mohatelli le yena a fediswe naheng eo.

5Ka mohau terone e tla tsitsiswa, ya tla e dula a e dule ka botshepehi, e leng e mong wa leloko la Davida, ya tla ahlola ka toka, a thahaselle ho loka.

6Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha, ho ikgantsha ha hae ke ho tlolang moedi, o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale, empa boithoriso ba hae ke ba lefeela.

7Kahoo tjhaba sa Moabe se tla itelela, bohle ba itelele ba le mmoho, ba llela dijo tse monate tsa Kire-Harese, ba lla pelo tsa bona di le bohloko.

8Masimong a Heshebone le a Sibema morara o ponne, o motlemotle o neng o taha babusi ba naha, morara o neng o lemilwe ho tloha Jasere, o lemilwe ho ya fihla lehwatateng, oo makala a wona a neng a thathaletse, ho ya tshela lewatle.

9Ke llela morara wa Sibema jwalokaha Jasere e llela wa yona, wena Heshebone le wena Elale ke le tshela ka dikgapha! Mehoo e thabelang ho butswa ha morara wa lona, le e thabelang kotulo ya lona e kgaoditse.

10Masimong a dikgwiti thabo le monyaka ha di sa le yo, ha ho pina kapa mehoo masimong a lona a morara, ha ho ya tlhotlelang veine tlhotlelong sa hae, hoba mehoo ya lona ke nna ya e fedisitseng.

11Pelo ya ka e llela Moabe sa harepa, le yona Kire-Harese e e llela jwalo.

12Ha Bamoabe ba nyolohela bakeng tsa bona tsa borapedi, ba nyolohela lefeela; ha ba nyolohela tempeleng ya bona ho ya rapela, le teng ha ho na thuso.

13Sena ke seo Morena a neng a se bue malebana le Moabe ka nako eo.

14Empa jwale Morena o re: “Ho eso fete dilemo tse tharo, ho ya kamoo mohlanka a di balang kateng, botlotlehi ba Moabe le ba setjhaba sa hae se sengata, bo tla nyediswa, masalla a be mmalwana, a fokole.”