Isaiah 33:1-24 SSO1989 - Bible AI

1O madimabe hakaakang, wena motimetsi, wena o esong ho ka o timetswa! O madimabe hakaakang, wena lehlabaphiyo, wena o esong ho ka e ekwa! Ha o qeta ho timetsa, wena o tla timetswa, ha o kgaotsa ho eka, wena ba tla o eka.

2Oho, Morena, ako re hauhele, rona ba o tshepileng! Hoseng ho hong le ho hong o re matlafatse, o re pholose nakong ya ditsietsi.

3Ha tolo la hao le thwathwaretsa, tjhaba di a baleha, ha o phahama, tjhaba di a phasalla.

4Lona ditjhaba, kgapo ya lona e jelwe sa bookgolane ha bo kumola, banna ba e tsholohela sa boiyane ba ditsie.

5Morena o phahame, hobane o ahile hodimo, o entse hore toka le ho loka di be teng Sione.

6Morena e tla ba motheo wa nnete, e be motheo mehleng ya lona, e be sesiu sa pholoho le bohlale le tsebo; ho tshaba Morena ke lona letlotlo la lona.

7Bonang, bahale ba a bokolla, ba bokolla hara diterata, maqosa a kgotso a lla sa mmokotsane.

8Mmila e meholo e setse e le feela, ditseleng le teng batsamai ha ba sa bonwa, selekane se senyehile, metse e nyedisitswe, ha ho sa le le ya hlomphehang.

9Naha e omeletse, e ponne, Lebanone e swabile, e a pona, Sharone e fetohile lehwatata, Bashane le Karamele di hlohloreha mahaba.

10“Jwale ke tla ema,” ho rialo Morena; “jwale ke tla tuma, jwale ke tla phahama.

11Le emotse mmoko, le tla tswala ditlhaka, ho phefumoloha ha lona ke mollo o tla le timetsa.

12Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka, di tjhe jwaloka fate tsa leoka tse remilweng.”

13Lona ba hole, utlwang seo ke se entseng, lona ba haufi, ananelang matla a ka.

14Baetsadibe ba Sione ba tshwerwe ke tshabo, ba kgopo bona ba a thothomela: “Ke mang ho rona ya ka phelang mollong o timetsang? Ke mang ho rona ya ka phelang malakabeng a kamehla yohle?”

15Motho ya metsamao e lokileng, ya puo di ntle, ya hloileng ho rua ka mahahapa, ya sa amoheleng tjotjo, ya sa mameleng merero ya ho bolaya, ya thibelang mahlo a hae hore a se bone bobe;

16ke yena ya tla phela bakeng tse phahameng, eo setshabelo sa hae e tla ba qhobosheane e thabeng. Dijo o tla di fuwa, a ke ke a hloka metsi.

17Mahlo a lona a tla bona kgosi e kgabile, le bone le naha e nametseng hole.

18Pelong ya hao o tla lohotha tsietsi tsa pele: “O kae ya neng a bala dithelo? O kae ya neng a bea tjhelete sekaleng? Se kae sehlwela se neng se bala ditora?”

19Tjhaba seo sa baikakasi o ke ke wa hlola o se bona, tjhaba seo puo ya sona e sa tsebahaleng, tjhaba sa mahwelea, seo puo ya sona e sa utlwahaleng.

20Tadimang Sione, motse wa mekete e halalelang, mahlo a lona a tla bona Jerusalema, leaho la kgotso, tente e ke keng ya thakgollwa, thakgisa tsa yona ha di ka ke tsa kgokgothollwa, thapo tsa yona ha di ka ke tsa kgaoha.

21Ke moo Morena a tla tlotleha ho rona, e tla ba baka sa dinoka tse batsi le melatswana. Ha ho kepe sa masokwana se tla feta teng, ha ho kepe se seholo se tla sesiswa teng.

22Morena ke yena moahlodi wa rona, Morena ke yena ya re beelang molao, Morena ke yena kgosi ya rona, Morena ke yena ya tla re pholosa.

23Thapo tsa sekepe sa hao di hlephile, ha di sa tiisa thupa e tshwereng diseile, diseile di se di sitwa ho thathalla. Kgapo e ngata e tla arolelanwa, esita le dihlotsa di tla fumana seabo.

24Ha ho moahi wa Sione ya tla re: “Ke a kula!” Dibe tsa baahi ba moo di tla tshwarelwa.