1“Lona ba labalabelang ho loka, mmameleng, le lona ba batlang Morena: Tadimang lefika leo le kgephotsweng ho lona, le morafo oo le tjhekilweng ho wona.
2Tadimang ho ntata lona, ntata lona Aborahama, le tadime le ho Sara ya le belehileng. Ha ke bitsa Aborahama o ne a se na ngwana, ka mo hlohonolofatsa, ka ba ka mo anafatsa.
3“E, Morena o tla utlwela Sione bohloko, a utlwele bohloko masupi wohle a yona, mafeella ao a a fetole a be jwaloka Edene, mahwatata a yona a be jwaloka rapa sa Morena. Thabo le nyakallo di tla fumanwa ho yona, ho utlwahale mantswe a pina tsa diteboho.
4“Lona batho ba ka, a le ke le mamele! Lona tjhaba sa ka ntshekeheleng tsebe! Molao o le tsamaisang o tla tswa ho nna, kahlolo ya ka e be sedi le bonesetsang ditjhaba.
5Ho loka ha ka ho se ho atametse, ho pholosa ha ka ho se ho le tseleng, toka e tla tlisetswa ditjhaba ke letsoho la ka. Ba dihlekehlekeng ba tla ntebella ka tjheseho, ba lebelle ka tshepo ho sireletswa ke tsoho la ka.
6Lelatsang mahlo le tadime mahodimong, le be le tadime le tlase, lefatsheng; mahodimo a tla nyamela sa mosi ha o nyamela, lefatshe le tsofale jwaloka seaparo, baahi ba lona ba shwe jwaloka dintsintsi. Empa ho pholosa ha ka ke ha kamehla yohle, le ho loka ha ka ha ho ka ke ha fediswa.
7“Lona ba tsebang se lokileng, mamelang! Lona tjhaba se tsebang molao wa ka, tjhaba seo molao wa ka o leng ka pelong tsa sona: Le se ke la tshaba ha batho ba le nyefola, kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.
8Tshwele e tla ba ja sa ha e eja seaparo, seboko se ba je jwalokaha se eja boya. Empa ho loka ha ka ho tla hlola kamehla yohle, ho pholosa ha ka e be ha meloko yohle.”
9Morena tsoha! Tsoha o re thusetse ka tsoho la hao le matla! O tsohe jwaloka mehleng ya kgalekgale, o tsohe jwaloka melokong ya boholoholo. Na hase wena ya neng a kgabelake Rahaba? Na hase wena ya neng a kgehlepele kganyapa?
10Na hase wena ya neng a pshese lewatle, ya neng a pshese metsi a bodibabohalo? Ya neng a bule tsela bodibeng ba lewatle, hore ba lopolotsweng ba tle ba tsebe ho tshela?
11Balopollwa ba Morena ba tla kgutla, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla yohle e be mefapahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisapelo wona a ba tlohele.
12“Nna, nna ke inotshi, ke nna ya le tshedisang. O mang wena o tshabang batho, dibopuwa tse shwang? O tshabang batho ba itshwanelang le jwang feela?
13O leballang Morena, e leng Mmopi wa hao, yena ya ileng a ala mahodimo, a ba a rala metheo ya lefatshe? O phelelang ka tshabo, ka matsatsi wohle, ka baka la kgalefo ya mohatelli ya rerileng ho o timetsa? E kae kgalefo ya mohatelli eo?
14Bathopuwa ba matswalong ba kgatheng la ho lokollwa, ha ba ka ke ba shwela ka tjhankaneng ya bona, ha ba ka ke ba hloka leha e le bohobe.
15“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya fuduhang lewatle hore maqhubu a lona a hwase; Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.
16Dipolelo tsa ka di tla tswa molomong wa hao, ke o sireleditse ka moriti wa seatla sa ka, ke nna ya beileng mahodimo tulong tsa wona, ke nna ya radileng metheo ya lefatshe, ke nna ya reng ho Sione:
17Tsoha! Tsoha! Ema wena Jerusalema, wena ya nweleng senwelo sa kgalefo, sa kgalefo ya Morena se le atleng sa hae, wena ya minyeletsang maritsa, maritsa a jwala bo tsekedisang batho.
18Hara bohle ba mala a hae, ha ho ya mo tataisang, hara bao a ila ba hodisa, ha ho ya mo tshwarang ka letsoho.
19Koduwa tse pedi tsena di o wetse hodimo; ya ka o tshedisang ekaba ke mang? O wetse ke tshenyeho le tahleho, o wetswe ke sekoboto le sabole; ya ka o thobang pelo ekaba ke mang?
20Baahi ba hao ba akgehile, ba rapaletse dihukung, hukung tsa diterata tsohle, ba jwaloka kgama e tshwasitswe lerabeng. Ba pipitletswe ke kgalefo ya Morena, le yona kgalemo ya modimo wa hao.
21Ka baka lena, mamela mona, wena ya otlilweng, ya tahilweng, le hoja o sa tahwa ke veine.
22Morena, Morena wa hao, Modimo wa hao, yena ya buellang tjhaba sa hae, o bua tjena: “Bona! Ke phamotse letsohong la hao senwelo se neng se o tsekedisa; senwelo seo sa kgalefo ya ka o ke ke wa hlola o nwela ho sona hape,
23Ke tla se bea matsohong a batubi ba hao, bona ba ileng ba re ho wena: