1Batho ba lokileng ba a timela, ha ho le ya mong ya keng a nahane hona; ba nang le tumelo le bona ba a fediswa, ha ho ya utlwisisang hona: Ba lokileng ba balehisetswa bobe bo tlang.
2Ba hlokang kodi ba tla itjhwella ka kgotso, ba iphomolele hamonate lefung la bona.
3“Lona bana ba baloi atamelang mona, le lona bana ba difebe, le lona ba diotswa!
4Eo le mo somang ke mang? Eo le mo nyekoletsang melomo, maleme a leketlile, ke mang? Na hase lona bana ba mahlabaphiyo, lona bana ba batho ba leshano?
5Le sebeletsa medimo ya bohata ka ho etsa bohlola, le bo etsa le le tlasa difate tse talana, ka dikgohlong le ka mahaheng le etsa mahlabelo a setjheso ka bana ba lona.
6Majwe a boreledi, a dinokana, ke yona medimo ya lona, e, efela e le yona kabelo ya lona. Medingwana ena le e etsetsa nyehelo ya dino, le bile le e etsetsa le nyehelo ya dijo. Ebe na tse tjee di ka nthabisa?
7Mealo ya lona e hodima thaba tse phahameng, thabeng tse hodimo, ke moo le nyolohelang teng ho ya etsa mahlabelo.
8Kamora mamati le dikosene tsa lona, ke moo le entseng meupello, la mphuralla, la apola bofeela ba lona, la kena diphateng, la ithabisa ka ho etsa bohlola, la iketsetsa setswalle le bao le ba ratang, la ba la tadima bofeela ba bona.
9La itlotsa ka ole e nang le menkwane, la ba la ya ho kgosi, la romela maqosa a lona naheng tse hole, la ba la a romela Nqalong ya Bafu.
10Maeto a lona a malelele a le baketse mokgathala, empa la sitwa le ho re:
11“Eo le mo tshohang ke mang, eo le mo tshabang hakaale, ke mang, hoo le ileng la ntlhokela botshepehi, la ba la sitwa le ho nkgopola, kapa hona ho nnahana ka pelong tsa lona? Na hase hobane e le kgale ke kgutsitse, ha e le moo le se le sa ntshabe?
12Ke tla pepesa mesebetsi ya lona, mesebetsi eo lona le reng e lokile; empa ha e ka ke ya le tswela molemo.
13Ha le ipiletsa, le batla thuso, ereng medingwana ya lona e mengata e le thuse! Kaofela ha yona moya o tla e fefola, moyana o fokolang o e pheule. Empa ya nketsang setshabelo sa hae, fatshe la pallo e tla ba lefa la hae, a rue thaba ya ka e halalelang.”
14Lentswe le tla re: “Katang, katang, le batalatse mmila! Tlosang se kgopang tseleng ya tjhaba sa ka!”
15Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.
16Ha ke na ho qosa kamehla yohle, kapa hona ho halefa kamehla, ho seng jwalo ba kapele ho nna ba ka tepella, e leng batho bao ke ba bopileng.
17Ka baka la sebe sa bona ke ile ka ba halefela, ka ba otla, ka ba patela fahleho sa ka ke halefile; empa ba nna ba tswela pele mekgweng ya bona e kgopo.
18Tsela tsa bona ke di bone, ke tla ba phekola; ke ba tsamaise, ke tshedise ba llang,
19ke etse hore maleme a bona a bine dithoko:
20Ba kgopo ba tshwana le lewatle le tuduana, le tuduana le se na kgotso, maqhubu a lona a akgela seretse le ditshila lebopong.
21“Kgotso ha e yo ho ba kgopo,” ho rialo Modimo wa ka.