Isaiah 59:1-21 SSO1989 - Bible AI

1Tsoho la Morena ha le lekgutshwanyane, hoo a ke keng a pholosa; tsebe ya hae ha e a thibana hoo a ke keng a utlwa.

2Empa makgopo a lona a le arohantse le Modimo wa lona, dibe tsa lona di patile fahleho sa hae, e le hore a se ke a le utlwa.

3Matsoho a lona a kganathetse madi, menwana ya lona e silafaditswe ke bokgopo. Le buile leshano ka melomo ya lona, maleme a lona a buile tse kgopo.

4Ha ho le ya mong ya batlang toka, ha ho le ya mong ya buang nnete dinyeweng; ba tshepa dikgang tsa mafeela, ba bua leshano; mehopolo ya bona e mebe, mme e tswala bokgopo.

5Ba qhotsisa mahe a marabe, ba lohe dikgwele tse kang tsa bolepo ba sekgo; ya jang mahe a marabe o a shwa, ha le leng le pshatlwa, ho tswa marabe.

6Bolepo ba bona bo ke ke ba fetoha diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka tseo ba di etsang. Mesebetsi ya bona ke mesebetsi e kgopo, ka ketso tsa bona ba tsosa moferefere.

7Maoto a bona a ba mathisetsa sebeng, a bobebe ho tsholla madi a se nang molato, menahano ya bona ke menahano e kgopo, mehlaleng ya bona ke mophula wa tshenyo, le wa timetso.

8Tsela e isang kgotsong ha ba e tsebe, mehlaleng ya bona toka ha e fumanwe. Tsela tsa bona ke tse matswedintsweke, ya tsamayang ho tsona a ke ke a fumana kgotso.

9Ka baka leo, toka e hole le rona, le ho loka ha ho fihle ho rona. Re batla lesedi, empa re bona lefifi, re batla kganya, empa re tsamaya lefifing.

10Re phopholetsa mabota jwaloka batho ba difofu, re phopholetsa tsela jwalokaha eka ha re na mahlo, re kgothometseha hara motsheare wa lengeta jwalokaha eka ke ka shwalane; hara ba phelang rona re jwaloka bafu.

11Bohle re puruma jwaloka dibere, re lla habohloko jwaloka maeba. Re batla toka, empa ha re e fumane, re batla topollo, empa e holehole le rona.

12Re ditshito di ngata mahlong a hao, re ahlolwa ke bopaki ba dibe tsa rona. Ditshito tsa rona di re maname kamehla, bokgopo ba rona re bo tseba hantle:

13Ke ho sitelwa Morena le ho bua leshano, ke ho furalla Modimo wa rona, ho kgothaletsa bohatelli le bofetohedi, ho nahana leshano le ho le bua ka pelong tsa rona.

14Kahoo toka e tjhetjhiswa kasanthao, ho loka ho emeletse hole le rona; diterateng nnete ha e sa le yo, botshepehi le bona ha bo sa fumanwa.

15E, nnete e fela e lahlehile, ya furallang bokgopo o etswa hampe. Tsena tsohle Morena a di bona, a se ke a thabiswa ke bosiyo ba toka.

16Morena a bona hore ha ho na motho, a makala ha a bona ho se ya kenang dipakeng; ka matla a hae a hlola dira tsa hae, ho loka ha hae ha mo tshehetsa.

17Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae, hloohong a rwala katiba ya tshepe ya pholoho; a apara diaparo tsa boiphetetso, tjheseho ya eba yona kobo ya hae.

18O tla ba putsa ho ya ka diketso tsa bona, a halefele dira tsa hae a be a di otle, ba dihlekehlekeng a ba nee moputso wa bona.

19Bitso la Morena le tla tshajwa, le tshajwe ho tloha bophirimela, tlotla ya hae e tshajwe, e tshajwe ho tloha botjhabela. Ha sera se futuha jwaloka sekgohola, Moya wa Morena o tla se lelekela hole.

20“Mopholosi o tla tla Sione, a tle ho ba Jakobo ba bakelang dibe tsa bona,” ho rialo Morena.

21“Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena.