Jeremiah 15:1-21 SSO1989 - Bible AI

1Jwale Morena a re ho nna: “Leha Moshe le Samuele ba ne ba ka ema kapele ho nna mona, pelo ya ka e ne e ke ke ya utlwela setjhaba sena bohloko. Tlosa batho bana kapele ho nna! Ere ba tsamaye!

2Haeba ba ka re ho wena: ba bolelle, o re:

3“Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.

4Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e thothomele ke tshabo ka baka la seo Manase, mora wa Hesekiya, kgosi ya Juda, a neng a se etse Jerusalema.

5“O tla utlwelwa bohloko ke mang, wena Jerusalema? O tla llelwa ke mang, wena Jerusalema? O tla fapohelwa ke mang ho o botsa bophelo?

6Ke furaletswe ke wena, wa nna tjhetjha ka santhao,” ho rialo Morena. “Ke tla o tshwara ka letsoho la ka ke o timetse, ke se ke kgathetse ke ho o hauhela.

7Ke tla ba fefera ka fereko ya ho fefera, ke ba feferele menyakong ya motse. Ke tla ba bolaela bana, tjhaba sa ka ke se fedise, hobane tsela tsa sona tse kgopo ha se a di kgeloha.

8Ke tla eketsa bahlolohadi hara setjhaba sena, ba ngatafale ho feta hlabathe la lewatle. Hara mpa motsheare ke tla tlisa motimetsi, a timetse basadi ba tswetseng bahlankana, hanghang tshabo le thothomelo di ba wele hodimo.

9Ya nang le bana ba supileng o tla kgathala, a kgathalle ruri, a idibane. Tsatsi le tla mo dikella e ntse le motsheare, a hlajwe ke dihlong, a be a tlontlolohe. Masalla a setjhaba ke tla neelana ka wona, ke a nee dira di a bolaye ka sabole,” ho rialo Morena.

10Ke madimabe hakaakang, mme, ha o ila wa mpeleha, wa mpelehela hore ke be motho wa diqabang, motho wa meferefere hara lefatshe lohle! Ha ke a ka ka adima kapa ka adimana, empa e mong le e mong o a nthohaka.

11Yaba Morena o re: “Ruri wena ke tla o matlafatsa haholo, ruri dira tsa hao di tla be di o rapele, di o rapele nakong ya mahlonoko, di o rapele le nakong ya ditsietsi.

12“Na motho a ka roba tshepe, a roba tshepe kapa lethose le tswang leboya?

13Matlotlo a hao le maruo a hao, ke tla neelana ka wona, a etswe lelobelo ka thupa ya mmowana, ka baka la dibe tsohle tsa hao, dibe tseo o di entseng naheng ena yohle.

14Ke tla o etsa lekgoba, kgoba la dira tsa hao, ke o etse lekgoba naheng eo o sa e tsebeng. Kgalefo ya ka e tla hotetsa mollo, e hotetse mollo o tla o tjhesa.”

15“O a tseba, wena Morena, ako nkgopole, o ke o nketele, ako mphetetse ho batubi ba ka; kaha o na le mamello, se ke wa ntimetsa, hopola ke hlapaolwa ka lebaka la hao.

16Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao, di ile tsa ka bohobe ho nna, ka di ja, ya eba thabo le monyaka wa pelo ya ka, hobane nna ke bitswa ka lebitso la hao, oho, wena Morena, Modimo wa mabotho!

17Ha ke eso ka ke dula mokgatlong wa basomi, ha ke eso ka ke ithabisa le bona; ke ituletse ke le inotshi ka baka la matla a hao, hobane o entse hore ke halefe haholo.

18Ke hobaneng bohloko ba ka ha bo sa fele? Qeba la ka le phephetha boladu, le hana ho fola? Na o tla itshwantsha le mothetsi ho nna, o be jwaloka sediba, diba se metsi a pshang?”

19Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Haeba o ka baka ke tla o busetsa tulong tsa hao, haeba o bua polelo tse ntle e seng tsa mafeela, e tla ba wena molomo wa ka, o ntshebeletse, tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao, e seng wena o ye ka ditsela tsa sona.

20Ke tla o etsa lerako le haheleditsweng la lethose, tjhaba sena o tlo tsebe ho se hlola. Se tla o lwantsha, empa se ke ke be sa o hlola, hoba ke na le wena ho o pholosa le ho o lopolla,” ho rialo Morena.

21“Ke tla o pholosa matsohong a ba kgopo, ke o lopolle matsohong a ba sehloho.”

e>