Jeremiah 23:1-40 SSO1989 - Bible AI

1“Ho madimabe badisa ba timetsang dinku tsa makgulo a ka, ba di qhale,” ho rialo Morena.

2Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le badisa ba alosang setjhaba sa hae: “Le qhadile mohlape wa ka, la o leleka, mme ha le a ka la o hlokomela. Bonang, ke tla le otla ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona,” ho rialo Morena.

3“Nna ka seqo, ke tla bokella masalla a mohlape wa ka dinaheng tsohle tseo ke neng ke o leleketse ho tsona, ke boele ke o kgutlisetse masakeng a wona, mme o tla tswala, o anafale.

4Ke tla o kgethela badisa ba tla o alosa. Ha o sa tla hlola o tshaba letho, kapa o tsieleha, mme ha ho le e nngwe ya wona e tla lahleha,” ho rialo Morena.

5“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla tsosa lehlomela le lokileng la Davida, kgosi e tla busa, e sebetse ka bohlale, e sebetse ka toka le ka ho loka lefatsheng.

6Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona.

7“Ka baka leo, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, ao ka wona ba ke ke ba hlola ba re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya nyolotseng bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.”

8Empa ba tla re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a ntsha ditloholo tsa ntlo ya Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a di leleketse ho tsona, mme di tla aha naheng ya tsona.”

9Malebana le baporofeta, Jeremia o re: Pelo ya ka e nyahame kahara ho nna, e nyahamisitswe ke baporofeta; masapo a ka wohle a kenwe ke thothomelo. Ka baka la Morena le mantswe a halalelang a hae, ke se ke itshwanela le monna wa letahwa, ke tshwana le monna ya itlopileng veine.

10Naha ena yohle e se e tletse difebe, ka baka la thohako naha e apere bofifi, makgulo a dithota a omeletse. Tsela tsa difebe tsena ke tse kgopo, matla a tsona ha a sebediswe ka toka.

11“Baporofeta le baprista bobedi ba silafetse, e, ka tlung ya ka ke fumane bokgopo ba bona,” ho rialo Morena.

12“Tsela ya bona e tla thella, e thelle jwaloka e lefifing, ba tla kgarametswa, ba wele fifing leo, hobane ke tla theolela koduwa hodima bona, ka selemo sa kotlo,” ho rialo Morena.

13“Ke bone sebe sa baporofeta ba Samaria, ba porofetile ka Baale, ba kgelosa tjhaba sa ka sa Iseraele.

14Hara baporofeta ba Jerusalema ke bone se tshosang: Ba etsa bofebe, ba phela ka ho bua mashano, ba bile ba kgothaletsa batho ho etsa bokgopo, hoo ho seng ya furallang bokgopo ba hae. Kaofela ha bona ho nna ba tshwana le ba Sodoma, baahi ba teng ba tshwana le ba Gomora hantle.”

15Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena malebana le baporofeta: “Bonang, ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a babang sa leshokgwa, hobane ho silafala ho tletseng kahara naha ke ho tswang ho baporofeta, baporofeta ba Jerusalema.”

16Morena wa mabotho o bua tjena: “Le se ke la mamela mantswe a baporofeta, ba le porofetelang ka ho le bolella mafeela; ba bua ka dipono tse tswang mehopolong ya bona, e seng tse tswang ka molomong wa Morena.

17Ho ba nnyedisang, baporofeta ba re ho bona: ho ba latelang pelo tsa bona tse manganga, ba re:

18Ke ofe ho bona ya kila ba lekgotleng la Morena? Ke ofe ya kila mmona, a ba a utlwa ntswe la hae? Ke ofe ya kila utlwa ntswe la hae, a le mamela?

19Tsokotsane sa Morena se tsohile, se tsohile ka sekgahla le ka kgalefo, ka sekgahla, ba kgopo se a ba tsukutla.

20Kgalefo ya Morena ha e ka ke ya kgaotsa, ho fihlela e phethahatswa ke yena, ho fihlela a phethile merero ya hae; sena le tla se utlwisisa mehleng ya ho qetela.

21Baporofeta bana ha ke a ka ka ba roma, empa ba ile ba ya ba potlakile; ha ke eso ka ke bua le bona, empa bona ba porofetile.

22Ha ba ne ba bile teng kgotleng la ka, ba ka be ba entse hore tjhaba sa ka se utlwe mantswe a ka, ba se kgelositse tsela tsa sona tse kgopo, ba se kgutlisitse ketsong tsa sona tse kgopo.”

23Morena o re: “Ke Modimo ya teng hohle, ya teng hole le haufi.

24Na motho a ka ipata dikgotjheletsaneng, a ipata teng, yaba ha ke mmone?” ho rialo Morena. “Na ha ke fumanwe lehodimong le lefatsheng?” ho rialo Morena.

25“Ke utlwile se bolelwang ke baporofeta bana ba porofetang mashano ka lebitso la ka, ba re:

26Baporofeta baa ba tla porofeta mashano ho fihlela neng? E, ke baporofeta ba porofetang mashano a tswang mehopolong ya bona.

27Ka ditoro tsena tseo ba di bolellanang, ba nahana hore ba tla etsa hore setjhaba sena sa ka se lebale lebitso la ka, jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale.

28Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena.

29“Na lentswe la ka ha le tshwane le mollo?” ho rialo Morena. “Na ha le tshwane le hamore e thuang mafika, e a etse maqhetswana?

30“Ka baka leo, ke hanyetsana le baporofeta ba utswang mantswe a ka ka ho a nka melomong ya ba bang,” ho rialo Morena.

31“Ke hanyetsana le baporofeta ba buang ka maleme a bona, ba re: ” ho rialo Morena.

32“Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena.

33“Ha o ka botswa ke setjhaba sena, kapa ke baporofeta, kapa ke baprista, ha thwe: Wena o tle o re ho bona: ho rialo Morena.

34Ha e le moporofeta, kapa moprista, kapa e mong wa setjhaba ya ka reng: motho eo ke tla mo otla hammoho le lelapa la hae lohle.

35Kahoo motho ka mong o tla re ho mohahabo, kapa motho ka mong a re ho ngwanabo:

36Ha le ka ke la hlola le bua ka molaetsa wa Morena hape, hobane lentswe la motho ka mong e tla ba lona molaetsa wa hae. Le sokamisitse mantswe a Modimo ya phelang, a Morena wa mabotho, Modimo wa rona.

37Wena o tle o bue tjena ho moporofeta, o re:

38“Empa erekaha le re: mme ke ile ka le tsebisa, ka re: Morena o bua tjena: le hoja ke ile ka le bolella ka re le se ke la re:

39ka baka leo, bonang, nna, e leng nna, ke tla le lebala ho hang, ke le furalle le motse ona oo ke neng ke o nee lona le bo-ntata lona, ebe ke le leleka mahlong a ka.

40Ke tla le swabisa kamehla yohle, ke le hlabise dihlong, tse ke keng tsa lebalwa kamehla yohle.”

e>