1Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa.
2Morena o bua tjena: “Metsi ke ao, a phorosela ho tswa leboya, a tla ka sekgahla se kang sa sekgohola, a tla aparela naha le tsohle tse ho yona, a aparele metse le baahi ba yona bohle. Banna ba tla tshoha ba hlabe mokgosi, baahi bohle ba naha bona ba bokolle,
3ha ho utlwahala modumo wa ditlhako, wa ditlhako tsa dipere tsa hae, ho utlwahala lekgarakgara, lekgarakgara la kariki tsa hae tsa ntwa, ho utlwahala le modumo wa mabidi a tsona, bo-ntata ha ba sa tla natsa le bana ba bona, hobane matsoho a bona a tla be a fokola.
4Tsatsi le fihlile, tsatsi la ho timetsa Bafilesita, basireletsi ba Tire le Sidone ba tla fediswa, hobane Morena o tla timetsa Bafilesita, masalla a sehlekehleke sa Kafatore.
5Gasa e tla ba bofifing, e beole hlooho, Ashekelone yona e tla ripitlwa. Lona masalla a tjhaba sa Baanake, le tla itlhokofatsa, le lle ho fihlela neng?
6Wena sabole ya Morena, o tla phomola neng? Boela selateng sa hao, o phomole, o ikgutsetse.
7E ka kgutsa jwang, Morena a e neile taelo, taelo ya ho futuhela Ashekelone, ya ho futuhela naha tse bopong la lewatle? Ke hona moo Morena a e laoletseng teng.”