Job 10:1-22 SSO1989 - Bible AI

1“Bophelo bona ba ka bo ntenne, kahoo ke tla boledisa tsa ka dipelaelo, ke bue moya wa ka o tubehile.

2Ke tla re ho Modimo:

3O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?

4Na o na le mahlo a nama? Na o bona jwalokaha batho ba bona?

5Na tshiu tsa hao di tshwana le tshiu tsa batho? Na ngwaha tsa hao di tshwana le ngwaha tsa batho?

6Ha e le moo o tswile bosele ho tsoma bokgopo ba ka, o batla, o batlisisa le sebe sa ka?

7Wena o a tseba ho nna bokgopo ha bo yo, mme ha ho ya ka ntopollang matsohong a hao.

8

9Ako hopole, o mpopile seka letsopa; na o tla nkgutlisetsa leroleng hape?

10Na ha o a nqhatsa jwalokaha ho qhatswa lebese, wa mphehla jwalokaha leokwana le fehlwa?

11Wa nkapesa ka letlalo le ka dinama, wa ntlamahanya ka masapo le ka mesifa?

12O nneile bophelo, wa ba wa nnea lerato, wa mpoloka, wa baballa le moya wa ka.

13

14Ha ke etsa sebe o ntadima ka le ntjhotjho, o ke ke wa ntokolla molatong wa ka.

15Haeba ke molato bomadimabe ke ba ka! Leha ke se molato nke ke ka tadima motho, ke hlajwa ke dihlong ke lweba ka hara tlokotsi.

16Ha hlooho ya ka e phahama o tla ntsoma jwaloka tau, o ntlhokofatsa ka ho nketsetsa dimakatso.

17O tlisa paki tse ntjha ho nnyopisetsa bopaki, le kgalefo ya hao e ntlokomela ho feta, mara a hao a mphutuhela ka mekgahlelo.

18

19Eka nkabe ke sa ka ka ba ka tswalwa, kapa ka iswa lebitleng ha ke qeta ho tswalwa!

20Tshiu tsa ka di kgutshwanyane, di a feta; ako ntlohele, ke re kgefu! ho se hokae,

21ke eso ikele kwana bo-ya-batho, fatsheng le lefifi, le meriti e metsho;

22fatsheng le lefifi la bo-nka-ntjana, moo e leng lapeng habo morusu, moo sedi la teng e leng lefifi!> ”

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>