Job 11:1-20 SSO1989 - Bible AI

1Jwale Sofara wa Monaama a araba, a re:

2“Puo tse ngatangata tsee ha di lokele ho arajwa? Ebe motho wa lehehle yena o nepa kamehla?

3O re batho ba kgutsiswe ke ho berabera ha hao? Ere o soma, o se kgalemelwe ke motho?

4O re ho Modimo:

5Eka Modimo a ka be a dumela ho bua, a ahlamisa molomo, a ka a bua le wena;

6a o senolela phiri tsa bohlale ba hae, hore bohlale ba sebele bo mehlahlwe-mengata. Tseba Modimo o a o leballa, o o leballa tse ding tsa tshito tsa hao!

7“Na o ka tseba phiri sa Modimo ka ho fuputsa? Kapa wa fihlela bohlale ba Ya Matla wohle?

8O ka etsang? Bo phahametse le mahodimo! O ka tsebang? Bo tebile ho feta lebitla!

9Bolelele ba bona bo feta le ba lefatshe, bophara ba bona bo feta le ba lewatle!

10“Ha a ka o tshwara, a o isa tjhankaneng, a o qosa ka kgotla, a ka hanyetswa ke mang?

11Bolotsana ba batho o bo tseba hantle; ha a bona bokgopo, na a ka kgutsa feela?

12Empa sethoto se ke ke be sa hlalefa, jwalokaha petsana tonki, e ke ke ya ba ya tswalwa e le motho.

13“Empa ha o boela o mo nea pelo ya hao, o otlollela matsoho a hao ho yena;

14haeba o lahla sebe seo o se kwetlileng, o sa dumelle bobe ho phela tlung ya hao;

15ruri o tla tseba ho tadima motho o se na dihlong, o tsitse hantle, o hloke tshabo.

16Tsietsi tsa hao o tla di lebala tsohle, o di hopole jwaloka metsi ha a sa fetile.

17Bophelo ba hao bo tla hlaka ho feta motsheare, fifi la bona le tshwane le tsatsi le tjhaba.

18O tla ba sebete, hobane tshepo e teng; o qamake kahohle, o robale o iketlile.

19O tla ithoballa ho se ya ka o tshosang, ba bangata ba qekise setswalle sa hao.

20Empa mahlo a ba kgopo a tla eba, ba hloke le wona monyetla wa ho pholoha, tshepo ya bona e be ya ho neela moya.”

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>