Job 12:1-25 SSO1989 - Bible AI

1Jwale Jobo a araba, a re:

2“Ha ho pelaelo, batho ke lona feela! Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.

3Le nna ke na le kelello jwaloka lona, etswe le hona ha le mphete ka letho; ke mang ya sa tsebeng dintho tsee tsohle?

4Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe.

5Ba iketlileng ba nyedisa bomadimabe, ba re ke pheletso ya ba kgatheng la ho thella.

6Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.

7“Ako botse diphoofolo, tsona di tla o ruta, nonyana tsa lehodimo le tsona di o kaele;

8o bue le lefatshe le tle le o rupele, le tlhapi tsa lewatle di ke di o qoqele.

9Ke efe ho tsona tsohle e hlokang tsebo ya hore Morena o entse tsohle ka letsoho la hae?

10Bophelo ba sebopuwa ka seng bo matsohong a hae le meya ya batho bohle e phela ka yena.

11Ha ke re tsebe e mamela ho kgetha mantswe, jwalokaha leleme le kgetha dijo ka ho di latswa?

12Bohlale ba sebele bo hahetse ho bo-raputswe, ho phela halelele ho fana ka kutlwisiso.

13“Empa bohlale le matla tsona ke tsa Modimo, ke yena monga kelello le kutlwisiso;

14moo a heleditseng ho ke ke ha tsoswa marako, eo a mo kentseng tjhankaneng a ke ke a lopollwa.

15Ha a thibela pula, metsi a pshela ruri, ha a nesa ya ditlwebelele, fatshe lohle le a senyeha.

16Matla le bohlale ba sebele ke tsa hae; mothetsi le mothetsuwa ba matleng a hae.

17Baeletsi o ba tlosa ba se na le nketlana, baahlodi bona a ba fetole ditsheretshere!

18O lokolla mahlaahlela a dikgosi a bohatelli, mathekeng a tsona a kgaole maqhama a puso;

19baprista o ba tlosa ba se na le nketlana, dinatla tsona a di theole tulong tsa tsona;

20baeletsi ba mmakgonthe a ba fetole dimumu, maqheku wona a a amohe meelelo.

21O soma mahosana, a a teole, a kokobetse boikalatiso ba mahosana;

22a senole le diphiri tsa mafifing, meriti e metsho a e tjhabisetse lesedi.

23O hodisa ditjhaba a be a di timetse, a di anafatse, a be a di hasanye;

24babusi ba ditjhaba a ba amohe meelelo, a ba lelerise mahwatateng ho se na tsela,

25ba phopholetse lefifing ho se lesedi, a ba thekesedise sa mahlena a bo habotse.

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>