Job 14:1-22 SSO1989 - Bible AI

1“Motho ya tswetsweng ke mosadi o phela hakgutshwanyane, bophelo ba hae bo aparetswe ke ditsietsi;

2o fupuha jwaloka palesa a be a pone, o baleha jwaloka seriti, ebe o nyametse.

3Jwale o tjamela ya jwalo ka eo? O ntlisa kapele ho wena ho nkahlola?

4Na ya ditshila a ka tswala ya hlwekileng? Le kgale! Ho ke ke be ha etsahala jwalo!

5Tshiu tsa motho di badilwe, palo ya kgwedi tsa hae e tsejwa ke wena, o mo sehetse moedi, a ke ke be a o tlola.

6Tlohela ho mo tjamela, a fumane phomolo, nako ya hae e be fete jwaloka ya mohiruwa.

7“Esita le sefate se na le tshepo: Ha se ka rengwa se tla hlomela hape, makala a sona a ke ke a ba a fela.

8Leha motso wa sona o ka tsofalla mobung, kutu ya sona ya bolla leroleng,

9ha se utlwa monko wa metsi se tla hloma, se mele makala jwaloka tlama se setjha.

10Empa motho yena o a shwa, a fellwe ke matla, a neele moya, ebe jwale o kae?

11“Jwalokaha metsi a letsha a nyamela, a fela, noka e feta, e be e pshe,

12le motho o a robala, a roballe ruri! Ho fihlela ha mahodimo a fela, batho ba ke ke be ba tseba le ho phaphama, kapa ho tsoswa phumeng sa bona sa boroko.

13“Eka o ka be o mpata Nqalong ya Bafu, o nketsa bofihla, kgalefo ya hao e be e fete! Eka o ka be o mpalla nako, eo ka yona o tlang ho nkgopola!

14Hoja motho o a shwe, a boele a phele, ke ne nka mamella tlokotsi tsa ka ka nako tsohle, ka emela topoloho ya ka ya ba ya fihla.

15O no tla mpitsa, nna ke arabele, o hlolohelwe mmopo wa matsoho a hao.

16Empa jwale mehato ya ka o a e bala, sebe sa ka ha o kgaotse ho se natsa;

17tshita tsa ka o di bitiella ka mokotleng, sebe sa ka sona o a se kwahela.

18“Jwalokaha thaba e ye e helehe, e nyamele, le lefika le suthiswe tulong tsa lona;

19jwalokaha metsi a kutlula majwe, phororo le tsona di baka kgoholedi mobung, le wena tshepo ya motho o e fedisa jwalo!

20O mo hlolela ruri, ebe o iketse; o fetola fahleho sa hae, ebe o a mo leleka.

21Ha bara ba hae ba tlotlwa, yena ha a tsebe le letho, le teng ha ba kokobetswa, yena ha a bone le letho;

22o utlwa bohloko ba mmele wa hae feela, le ho ngongoreha ha moya wa hae.”

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>