Job 15:1-35 SSO1989 - Bible AI

1Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re:

2“Na mohlalefi a ka bebera manenekwane, a pipitlelwa ke moya wa ho phorohla?

3A phea kgang ka ho bua mafeelafeelane, kapa ka puo tsa sa thuseng letho?

4Ho tshaba Modimo o ho phephethetse hole le wena, ho rapela Modimo hona o a ho fedisa.

5Puo tsa hao di susumetswa ke bokgopo ba hao, boqhweleqhwele bo ntlheng ya leleme la hao.

6Ha o tsuwe ke nna, o tsuwa ke dipuo tsa hao, molomo wa hao ke wona pakimotshwaedi.

7“Ebe ke wena motswalwapele wa motho? kapa o bopilwe pele ho maralla?

8Na merero ya phiri tsa Modimo o a e tseba? Na bohlale bona ebe ke ba hao o le inotshi?

9O tseba dife tseo re se nang tsebo ya tsona? O utlwisisa dife tseo re se nang kutlwisiso ya tsona?

10Bo-raputswe le maqheku ba ka hlakoreng la rona, bannabaholo ba boneng letsatsi pele ho ntatao.

11“Na matshediso a Modimo o a a halala, le mantswe a buuwang ka bonolo tsebeng tsa hao?

12O dumellang ho rwalwa ke pelo ya hao? Mahlo a hao wona a tukelang malakabe,

13hoo o hlatsetsang kgalefo ya hao ho Modimo, o buang puo tse tjee, ka molomo wa hao?

14“Motho ke ntho nngwe, hoo a ka bang le tlhweko? Ya tswetsweng ke mosadi yena a ka loka jwang?

15Haesita Modimo a sa tshepe mangeloi a hae, mahlong a hae le mahodimo a sa hlweka,

16a ka tshepa motho jwang, a le manyala, a tletse podile, a momorotsa bokgopo sa metsi a mophoko?”

17“Thea tsebe, o mamele, ke o manollele, ke o bolelle tseo ke di boneng ka mahlo a ka;

18tse boletsweng ke banna ba bahlalefi, ba di bolela ba sa pate letho, ba bolela tseo ba di utlwileng, ho baholoholo ba bona;

19bona bao naha e neng e abelwe bona feela, ho se molata o jakileng hara bona.

20“Ya kgopo o kgwebethwa ke letswalo, le mo kgwebetha ka tshiu tsohle tsa hae, mohatelli le yena le a mo kgwebetha, le mo kgwebethe ka lemo tsohle tsa bophelo ba hae.

21Tsebe tsa hae di tlala medumo e tshosang, haeka tsohle di ya hantle batupi ba mo hlasele.

22O lahlehetswe ke tshepo ya ho tswa kahara lefifi, kaekae sabole le yona e mo laletse.

23O lelera le naha, a batla dijo, a ntse a botsa hore na di kae; o a tseba, tsatsi la timelo ya hae le atametse;

24matshwenyeho le mahloko a mo kenya letswalo, a mo pupetsa sa kgosi e kgatheng la ho futuha,

25hoba o kokoseditse Modimo letsoho, o iketsa senatla ho Ya Matla wohle.

26O mo kgorohela a sataladitse molala, thebe e shahlileng a e utlile ka mallela.

27“Le hoja a le fahleho se matlebele, theka la hae le le maphethephethe,

28o tla phela metseng e le dithako, matlung a seng a setse a le feela, a kgatheng la ho fetoha masupi.

29Ha a ka ke a hlola a ba a rua, matlotlo a hae wohle a tla timela, fatshe le ke ke la anelwa ke maruo a hae.

30A ke ke be a phonyoha lefifing, lakabe le tla tjhesa mahlaku a hae, kgalefo ya Modimo e mo timetse!

31A se ithetse ka ho tshepa mafeela, hobane mafeela e tla ba wona moputso wa hae.

32Pele a eshwa hoo ho tla etsahala, makala a hae a ke ke be a tlokoma.

33O tla tshwana le morara, o hlohlorang tholwana di sa le tala, jwaloka mohlwaare o hlohlorang, o hlohlorang thunthung tsa wona.

34“Ba kgopo ba ke ke ba ba le ditloholo, mollo o tla tjhesa matlo a ba phelang ka tjotjo.

35Ba emola tlokotsi, ba tswale bokgopo, thetso ke yona ngwana popelo ya bona.”

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>