1Yaba Jobo o a araba, o re:
2“Tse kang tsena ke di utlwile hangata; lona bohle le batshedisi ba tenang motho!
3Na o sa tla kgaotsa ho shwahla mafeela? Sesosa sa nganga ya hao ke sefe?
4Hoja boemo ba ka e ne le ba lona, ke ne nka nna ka bua jwaloka lona, ka puo tse ngata ka le tlameletsa, ka ba ka thukuthela hlooho ya ka ho lona.
5Empa polelo tsa ka di ne di tla le kgothatsa, ho bebenya melomo ha ka ho le bebolele tlokotsi.
6“Leha nka bua, bohloko ba ka ha bo kokobele; leha ke kgutsitse, bona ha bo ntlohele.
7Oho, Modimo, o fela o ntshotlile, lapa la ka lohle le timeditswe ke wena;
8o ile wa ntlhasinya, mme o sera sa ka; bokojwane ba ka ke paki e nqosang ke e shebile.
9Ya ntlhoileng, ka kgalefo o a ntlepolaka, o ntsikitlanyetsa meno a hae; sera sa ka se ntjheba ka mahlo a ntjhotjho!
10Batho ha ba kopetse melomo ha ba ntshoma, ba ntjabela lerameng ba bile ba nnyefola, ba entse setha-se-wele hodima ka.
11Modimo o nneeletse ka balotsana, o ntahletse matsohong a batho ba kgopo.
12Ke ne ke iketlile, ke mona o ntshuhlamantse, a mphamola ka molalana, yaba o a mpidila, a ntlhoma ho ba sekgopi sa metsu ya hae.
13Metsu ya hae e nketseditse lethala, o harola dikahare tsa ka a se na mohau, nyooko ya ka yona o e qhalanyetsa fatshe.
14O ntlhaba a sa tswa ntlhaba, o nkgorohela jwaloka seqhobane.
15“Mmeleng wa ka ke apere tse mahwashe, ka phatla ya ka leroleng ka sunyama;
16mahlo a ka a fubetse ke menyepetsi, botsho bo entse sedika-mahlwana ntshing tsa ka;
17leha matsoho a ka a sa fuparela bokgopo, le thapelo ya ka ho Modimo e hlwekile.”
18“Oho, wena lefatshe, madi a ka o se ke wa a monya, boipiletso ba ka bo se ke ba kgaotsa!
19Le jwale paki ya ka e lehodimong, mmuelli wa ka le yena o hodimodimo.
20Ha e le metswalle ya ka e a ntshoma, keledi tsa ka di keleketlela ho Modimo.
21Ke mang ya ka mpuellang ho Modimo jwalokaha ho buellwa motho ho motswalle?
22“Ho tla feta lemo di le mmalwana, ebe nna ke nka tsela e yang bo-ya-batho.”