Job 19:1-29 SSO1989 - Bible AI

1Jobo a boela a araba, a re:

2“Ebe le tla nlhokofatsa halelele hakae, le ntshithabetse ka dipolelo ho fihlela neng?

3Ke ka makgetlokgetlo le nnyahanya, le sa hlajwe ke dihlong ho nnyefola;

4haeba ke nnete, ke entse phoso, phoso eo ke ya ka, ha e le ame ka letho.

5Haeba le iphahamisetsa kahodimo ho nna, le nqosa ka baka la tlokotsi ena ya ka;

6jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae.

7Ha ke howa, ke re: ha ke arabelwe! Ke howa haholo, empa toka ha e eo!

8“O tinkeditse tsela, ke sitwa ho feta; tselana tsa ka di aparetswe ke lefifi.

9O nkamohile boitlhompho ba ka, o nthodisitse le mofapahlooho,

10o ntlepola kahohle, mme ke a ikela, tshepo ka ya o e fothotse seka sefate.

11Ke tlokomelwa ke kgalefo ya hae, yena o ntadima ke le sera sa hae;

12ke futuhetswe ke mabotho a hae, a hlomme diahelo ho potapota lapa la ka.

13“Modimo o entse hore bana beso ba nkwekwetle, metswalle le yona e mphuralle ho qeta.

14Bahaeso le bona ba se ba ntahlile, balekane ba ka ba se ba ntebetse.

15Ho baeti le makgabunyane a lapa la ka, ke tadingwa ke le moeti, ke le molata.

16Ha ke bitsa mohlanka wa ka ha a arabele, esita leha ke ipiletsa ho yena.

17Mohatsa ka o nkgelwa ke moya wa ka, bana beso le bona ba a nnyonya;

18diratha le tsona di a nnyedisa, ha ke hlaha eba di a ntlaka.

19Ba ntshanang se inong le nna ba a nnyonya, ke furaletswe le ke baratuwa ba ka.

20Ke moote, ke manne, o ka mpala dikgopo, ke phonyohile feela ka la mohaswa lesoba.

21“Nkgauheleng! Nkgauheleng! lona metswalle ya ka! ke otlilwe ke Modimo ka tsoho la hae!

22Le ntlhorisetsang jwalokaha Modimo a ntlhorisa? Ha le kgotsofale ha ke hlepholeha dinama?

23“Polelo tsena tsa ka eka di ka be di ngolwa, eka di ka be di ngolwa, di etswa buka,

24di ngolwa ka pene ya tshepe tlapeng la loto, di ngolwa lefikeng, di hlole kamehla yohle!

25“Ke a tseba: Mopholosi wa ka o a phela, qetellong o tla ema a mpakele.

26Leha tlalo la ka le tla be se le bodile, ka mahlo Modimo ke tla mmona ke se mmeleng ona;

27ke yena eo ke tla fela ke mmone ka seqo, ke mmone ka mahlo a ka ke sa romeletsa. Ka pelo ya ka yohle ke labalabela hoo!

28“Haeba le ka re:

29Lona, ka bolona, le hle le tshabe sabole, hoba sebe sa kgalefo, kotlo ya sona ke sabole, le tle le tsebe hore efela kahlolo e teng.”

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>