Job 22:1-30 SSO1989 - Bible AI

1Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re:

2“Na motho a ka etsetsa Modimo tse molemo, jwalokaha mohlalefi a iketsetsa tse molemo?

3Na ke thabo ho Ya Matla wohle haeba o lokile? Kapa o a mo entsha ha tsela tsa hao di hloka kodi?

4“Na o tla o kgalemella ho mo tshaba ha hao, ka baka la hona a o etsetse qoso?

5Bokgopo ba hao bo boholo haholo, dibe tsa hao di hloka moedi!

6O nkile peeletso ho ngwaneno a se na molato, ba hlobotseng bona wa ba hlokisa le nketlana.

7Ba nyorilweng ha o a ka ba nyorolla ka metsi, ba lapileng ha o a ka ba ngwathela letho,

8le hoja o no le matla, fatshe o le ruile, batho ba o tlotla, o phela ho lona.

9Bahlolohadi ba tlohile ho wena ba itlhophere, ha e le kgutsana tsona wa di robokela.

10Ke kahoo maraba a o potapotileng kahohle, tshabo e tsometsang e o hlokisang boiketlo,

11fifi le o aparetseng, o sitwang ho bona, phororo tsa metsi di phuthumanang hodima hao.

12“Modimo ya mahodimong a hodimodimo, o tadimela dinaledi tlase, o di tadimela tlase le hoja di le hodimo!

13Empa wena o re:

14O hara lesira la maru, a ke ke a tseba ho bona, ha a ntsa ralotsa hopong la lehodimo.>

15“Na o tla hanella tseleng ya kgale, tseleng e kutlilweng ke ba kgopo?

16Ba tlositswe nako ya bona e eso fihle, metheo ya bona ya hoholwa ke dikgohola;

17bona ba itseng ho Modimo:

18Empa ke ka yena matlo a bona a tletseng menono, kahoo nna ke hole le keletso tsa ba kgopo.

19“Ba lokileng ha ba bona ba a nyakalla, ba se nang molato ba a soma, ba re:

20

21“Boelana le Modimo, o tlo be le kgotso, ka ho etsa jwalo o tla tlelwa ke tse molemo.

22Amohela thuto e tswang molomong wa hae, polelo tsa hae o di boloke ka pelong ya hao.

23Ha o ka kgutlela ho Ya Matla wohle, yena o tla o hlohonolofatsa, ha o fedisa bokgopo kahara leaho la hao.

24Ha o lahla kgauta ya hao, o e lahlela hara lerole, le kgauta e tswang Ofire, o e lahlela dikgohlong hara mafika,

25Ya Matla wohle e tla ba yena kgauta ya hao, e be silefera ya hao e hlwekisitsweng.

26Ya Matla wohle o tla mo thabela, fahleho sa hao se tadime ho Modimo.

27O tla rapela Modimo, ebe o a o utlwa, kano tsa hao o tsebe ho di phetha.

28Merero yohle ya hao e tla atleha, sedi le kgantshetse tsela tsa hao;

29hoba Modimo o kokobetsa baikakasi, baikokobetsi bona a ba pholose.

30Le ya molato Modimo o a mo pholosa: O tla pholoswa ka ho hlweka ha matsoho a hao.”

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>