1Yaba Jobo o a araba, o re:
2“Le kajeno sello sa ka se sa le bohloko; le hoja ke bile ke fehelwa hakaalo, tsoho la Modimo le ntse le nkimetse.
3Hoja ke a tseba hore na nka mo fumana kae, ke ne ke tla ema kapela setulo sa hae,
4nyewe ya ka ke e rale kapela hae, ka ho tlala ke lokodise mabaka a ka.
5Ke ne ke tla utlwa ha a nkaraba, ke utlwisise polelo tsa hae ho nna.
6Na Modimo a ka ntshobokella ka bonatla ba hae? Le ho ka! a ka sekeha tsebe, a mmamela!
7Ya lokileng a ka arabisana le yena moo; ho Moahlodi wa ka ke lokollelwe ruri.
8“Ha ke eya botjhabela ha ke mo fumane, ha ke eya bophirima le teng ha ke mo fumane,
9ha a le leboya ha ke mmone, ha a sebetsa borwa le teng ha ke mmone.
10Empa Modimo o tseba metsamao ya ka; ha a nteka ke tla tswa ke hlwekile seka kgauta.
11Mehato ya ka e hodima mehato ya hae, ke tsamaile tseleng ya hae, ha ke a e kgeloha.
12Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae.
13“Ha a rerile o rerile, a ka hanyetswa ke mang? O iketsetsa tsohle ka ho rata ha hae;
14seo a se rerileng o se phetha ka nna, merero e kang ona e mengata ho yena,
15ka baka leo ke tshaba ho ema kapele ho yena, ha ke mo hopola tswalo le a nkgekgetha.
16Modimo o mphokodisitse, ke hloka sebete, Ya Matla wohle o nkgekgethisa letswalo;
17empa lefifi le ke ke la nkgutsisa, fifi la bo-nka-ntjana le mphoufaditseng.