Job 26:1-14 SSO1989 - Bible AI

1Yaba Jobo o a araba, o re:

2“Wa tla wa thusa motho a fokola! Wa tla pholosa letsoho le fokola!

3O eleditse sethoto hantle hakaakang! O bontshitse tsebo e kgolo hakaakang!

4O rutilwe ke mang ho bua polelo tsee? Polelo tseo o di buang ke tsa mang?

5“Ba ka mabitleng ba a thothomela, le tsohle tse tlasa metsi, tse phelang ho wona.

6Nqalo ya Bafu e feela kapela Modimo, mohohlo wa timelo o ahlame, ha o a kwahelwa.

7Modimo o sarolotse leboya hodima sepakapaka, a leketlisa lefatshe hodima bofeelafeelane.

8O phuthetse metsi kahara maru a hae; ha ho leru le phatlolwang ke boima ba metsi!

9Kgwedi ha e tolokile o a e fifatsa, ka maru a hae a e etsetse lesira.

10O radile sedikadikwe, a se rala hodima lewatle, a etsa moedi ho arohanya lesedi le lefifi.

11Tshiya tsa lehodimo le tsona di a reketla, di reketla ke ho tshoha kgalemelo ya hae.

12Ka matla a hae lewatle a le tsosa maqhubu, ka bohlale ba hae a tamukanya Rahaba.

13Ka moya wa hae a ntlafatsa mahodimo, ka tsoho la hae a hlaba noha e lelesela.

14Tsena ke dinyane feela tsa matla a hae, tse bolelwang ka yena ke lehweshehweshe; boholo ba matla a hae bo ka utlwisiswa ke mang?”

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>