1Jobo a tswela pele ka puo ya hae, a re:
2“Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka;
3ha feela nna ke sa ntsane ke phela, ke ntse ke phefumoloha moya wa Modimo,
4molomo wa ka o ke ke be wa bua bokgopo, leme la ka le ke ke be la bolela bohata.
5Ha nka ke ka dumela hore le nepile, ke tla be ke yo shwa ke ntse ke itatola.
6“Ho loka ha ka ke boshwa-bo-tshwerwe, ha ke ntse ke phela tswalo le ke ke la nkgwebetha.
7“Dira tsa ka di ke di tshwane le ba kgopo, bantwantshi ba ke ba be jwaloka balotsana.
8Letshepa la moetsadibe ke lefe, mohla Modimo a mo amohang bophelo?
9Na Modimo a ka mamela, a mamela sello sa hae, ha tlokotsi e se mo wetse hodimo?
10Na yena o tla thabela Ya Matla wohle, a ipiletse ho Modimo ka nako tsohle?
11“Ke tla le ruta seo matla Modimo a leng sona; merero ya Ya Matla wohle nke ke be ka e pata.
12Tsena tsohle le lona ka mahlo le di bone; ke ka baka lang ha le ntse le bua mafeelafeelane?
13“Seo Modimo a se abetseng ya kgopo, lefa leo Ya Matla wohle a le abetseng ya sehloho, ke lena:
14Leha a ka atelwa ke bana, ba tla shwa ka sabole, tloholo tsa hae di ke ke tsa anelwa ke dijo;
15masalla a hae a tla shwa ke lefu la sewa, bahlolohadi ba hae ba ke ke ba mo llela.
16Leha a ka bokella silefera e kaa ka lehlabathe, bongata ba aparo tsa hae ba ba kaa ka letsopa,
17tsa etsa pokella, ya lokileng o tla di apara; ba se nang molato silefera ba e arolelane.
18O hahile ntlo e fokola sa bolepo ba sekgo, e tshwana le lephephe la motshosi masimong.
19O robala a ruile e le kgetlo la ho qetela; ere ha a phaphama a tsohe a itlhophere.
20Tsietsi di mo wela hodimo jwaloka sekgohola, fefo se mo fefola bosiu ha ho robetswe.
21Moya wa botjhabela o a mo nka, o ikele ka yena, o mo pheulele hole le lapa la hae;
22o puputlele ho yena o se na mohau. e be lekgerakgara ha a leka ho o baleha.
23Ba mo opela diatla, ba be ba mo je tlepane, ba mo letsetse molodi ha a tloha lapeng ha hae.”