Job 28:1-28 SSO1989 - Bible AI

1“Silefera e na le morafo wa yona, kgauta e na le setshekelo sa yona;

2tshepe yona e tjhekwa e etswa katlasa lefatshe, lethose le fumanwa ka ho qhibidisa moralla.

3Motho o kenella hare mpeng ya lefatshe, a yo fihla kgotjheletsaneng tse hole, a etse merafo hara lefifi le letsholetsho.

4O tjheka tjhafo hole le leaho la batho, bakeng tseo leoto le eso hate ho tsona; a leketle marapong a le hole le batho, a tsokotsehe, a ye kwana le kwana.

5Dijo di mela kahodima lefatshe, katlase le fuduuwa jwalokaha ho fuduuwa mollo.

6Majwe a lona a bopeletswe le disafire, a bile a na le mereto ya kgauta.

7Tsela ya teng ha e tsejwe le ke letlaka, esita le phakwe ha e eso ka e e bona.

8Batana tsa naha ha di eso tsamaye ho yona, esita le tau ha e eso fete le moo.

9“Lejwe la moremaphofu motho o a le thuaka, thaba a di fure metheong ya tsona.

10Hara mafika a phunyake mesele, mahlo a hae a bone tsa bohlokwa di le mefuta.

11Metsi a rothelang ka merafong o a a thibela, tse patehileng a di bee mmananeng, di bonwe ke bohle.”

12“Ebe jwale bohlale re ka bo fumane kae? Lehae la kutlwisiso lona le fumanwa kae?

13Bohlale ha bo fumanwe fatsheng la ba phelang, ha ho ya utlwisisang bohlokwa ba bona.

14Bodiba bo re: Lewatle le re:

15Ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa, kapa theko ya bona ya methwa ka boima ba silefera.

16Ka kgauta ya Ofire bo ke ke ba rekwa, kapa ka kareneleane le safire ya bohlokwa.

17Kgauta kapa mahakwe a ke ke a lekana le bona, kapa ba ananngwa ka mekgabiso ya kgauta.

18Dikgetla le mahakwe tsona ha di sa bolelwa; theko ya bohlale e feta le mabenyane a bohlokwa.

19Jwe la bohlokwa la Kushe le ke ke la lekana le bona, ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa.”

20“Ebe jwale bohlale bo tswa hokae? Lehae la kutlwisiso lona le hokae?

21Bo patetswe dibopuwa tsohle, bo patetswe le tsona nonyana tse fofang.

22Timelo le lefu le tsona di re:

23“Ke Modimo feela ya tsebang tsela ya bona, ke yena feela ya tsebang habo bohlale,

24hoba o bona pheletso tsa lefatshe, o bona tsohle tse tlasa mahodimo.

25Ha Modimo a nea moya matla a wona, le mawatle a a sehela moedi;

26ha a ne a beela pula taelo, lehadima le lona a le betlela tsela,

27o ila bona bohlale, a bo hlahloba, a bo leka, a bo ananela.

28“Yaba o re ho motho:

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>