1Kamora tsena, Jobo a tswa molomo, a rohaka letsatsi leo a neng a tswalwe ka lona.
2A bua, a re:
3“Tsatsi la tswalo ya ka le ke le timele, le bosiu boo ka bona ho neng ho thwe:
4Tsatsi leo le ke le fetohe lefifi, Modimo ya hodimo a le lebale, sedi le se hlole le le tjhabela hape.
5Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana, leru le aparele tsatsi leo, fifi le fifatse sedi la lona.
6Bosiu boo bona bo fifalle ruri, bo se balellwe le matsatsi a selemo, bo se ballelwe le matsatsi a dikgwedi.
7Ka boo bosiu ho se tswalwe lesea, le mehoo ya thabo e se utlwahale.
8Barohaki ba matsatsi ba ke ba bo rohake, bona ba tsebang le ho tshwenya kganyapa.
9Naledi di se ke tsa phatsima, bo batle lesedi, bo se le fumane, bo se ke ba bona ha tsatsi le tjhaba,
10hobane ha bo a ka ba kwala mme popelo, ha bo a ka ba nthibela ho bona maswabi.”
11“Ke hobaneng ke sa shwelang popelong? Ke hobaneng ke sa shwang ha ke tswalwa?
12Ke hobaneng nkileng ka sikwa? Ke hobaneng ke antseng matswele?
13Jwale nkabe ke rapame, ke kgutsitse, ke ithobaletse, ke phomotse ka kgotso,
14ke phomotse le dikgosi le matona a kwano, bao mehaho ya bona e leng mabitla,
15le mahosana a kgabang ka kgauta, ao matlo a wona a tletseng silefera;
16ke epetswe jwaloka sefolotsana, jwaloka lesea le eso bone lesedi.
17Lebitleng ba kgopo ba a kgaotsa, ba kgaotsa ho ferekanya, ba kgathetseng, teng ba fumana phomolo.
18Ba thopilweng le bona ba phela ka kgotso ha ba sa utlwa mokataki a kgarumaka.
19Ba hlomphehang le ba eisehang ba a lekana, kgoba le holotswe kgobeng ba monga lona.”
20“Ba ditlokotsing ba bontshetswang lesedi? Ba tubehileng moyeng ba neelwang bophelo?
21Ba labalabela lefu, ha le ba fihlele, ba le batla le ho feta letlotlo, patuwe.
22Ba thaba ka thabo e fetisisang, ba nyakalle ha ba kena ka lebitleng.
23Ya fihlametsweng ke tsela o tswaletsweng, athe Modimo o mo raletse mathibela?
24Bakeng sa ho ja ke tlelwa ke mefehelo, medumaelo ya ka e phutsalle sa diphororo!
25Seo ke se tshabang se nkwetse hodimo, seo ke se tshohileng jwale se mphihletse.
26Ke hloka kgotso, ke hloka le boikgutso; ke hloka phomolo, tsietsi di nkapere!”