1“Ba banyenyane ho nna jwale ba a ntshoma, bao bo-ntata bona ke neng ke ba nyedisa, ke neng nke ke ka ba disisa mohlape le ntja tsa ka.
2Matla a bona a na sa nthuse ka letho, kaha bokwakwariri bo ne bo ba feletse.
3Ke mekojwane ya bofuma le sekoboto, ba phela ka ho ja metsuntsunyane, bosiu ba lelera mahalaopeng.
4Ba kga bodiladilane hara dihlahla, metso ya tshinabele ke dijo tsa bona.
5Ba lelekwa hara batho ba bang, ba kueletswe jwalokaha eka ke mashodu.
6Ba phela ka mangopeng a dikgohola, ka madumeleng le kahara mafika;
7ba bokolla ba le kahara dihlahla, ba sunyame mmoho katlasa bobatsi.
8Ke bana ba mawatla, bo-mohloka-lebitso, ba lelekilwe lefatsheng, hara batho.
9“Jwale ke bona ba ntlakang ka pina, ke se ke fetohile sesomo ho bona.
10Ba se ba nnyonya ba bile ba nkwekwetla, fahleho sa ka ba se tshwela ka mathe.
11Kahoba Modimo a mphokodisitse, a ntshotlile, ha ba sa itshwara leha ba le pela ka.
12Ka ho le letona ba mphutuhela ka sekgakgatha, ha ke baleha ba mpea merebele, ba haha metero ho nketsetsa thibella.
13Ba tjhekile mamena tseleng ya ka, ba atlehiswa ke tshenyeho ya ka, ba re:
14Ba kena jwalokaha eka rako le wele, ba subuhlellana hara masupi!
15Matshabeho wohle a nkwetse hodimo, a ntlositse seriti ka ho panya ha ntshi, maruo a ka a fedile sa mouwane.
16“Moya wa ka o qhashoha kahare ho nna, matsatsi a ho hlokofatswa a mphihletse;
17ke lala ke tjhobelwa ke masapo bosiu, bohloko bo nkokonang ha bo mphe sebaka.
18Matla a bohloko ba ka a senya aparo tsa ka, a nkgama jwaloka molala wa hempe ya ka.
19Modimo o nkakgetse kahara seretse, ke se ke tshwana le lerole le wona molora.
20“Ke ipiletsa ho wena, Modimo, empa ha o nkarabe; ke ema kapela hao, empa o ntadima feela!
21O mphuthuhela o se na mohau, tsoho la hao le matla le a ntwantsha.
22O mphahamisetsa hodimo, moyeng, ka sefefo o nkakgoletse kwana le kwana.
23Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang.
24“Ha ke re ya shwang o otlolla letsoho la hae, ha a llela thuso tlokotsing ya hae?
25Na ha ke a ka ka llela ba ditsietsing? Moya wa ka ha o a utlwela ba maswabing bohloko?
26Ha ke ne ke lebeletse molemo, ka tlelwa ke bobe; ha ke ne ke lebeletse lesedi, ka tlelwa ke lefifi.
27Mala a ka a a qhuqhuma, a hloka phomolo, matsatsi a ditlokotsi a tobane le nna.
28Ke tsamaya ke nyahame pelo, ho se na lesedi; ke ema hara mokgopi ho ikopela thuso.
29Ke se ke fetohile ngwanabo phokojwe, ke molekane wa madinyane a mpshe.
30Tlalo la ka le letsho ke ho kgakgapheha, masapo a ka a a tjhesa ke ho opelwa.
31Harepa ya ka e letsa kodi-ya-malla, melodi ya kodilo la ka e fetohile dillo.”