1Yaba Elehu o tswela pele, o re:
2“Lona bahlalefi mamelang polelo tsa ka! Lona bo-tsebanyane theang tsebe le mmamele!
3Tsebe e hlwaya mantswe ha a buuwa, jwalokaha dijo di latsuwa ke mahalapa.
4A re ikgetheleng se lokileng ka borona, a re tsebeng ka borona se leng molemo.
5“Jobo o re: 6Le hoja ke nepile tjena ho thwe ke leshano, le hoja ke se na sebe, qeba la ka le hana ho fola.> 7“Motho ke ofe ya tshwanang le Jobo? O momorotsa nyefolo jwalokaha metsi a nowa; 8yena o tsamaya mokgatlong wa baetsadibe, ba kgopo o tsamaisana tsela le bona; 9o re: 10“Lona bahlalefi, mmameleng ke hona: Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a ba a etsa phoso. 11O putsa motho ho ya ka mesebetsi ya hae, o putsa motho ho ya ka metsamao ya hae. 12Ruri Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a kgopamisa ho loka. 13O beilwe ho okamela lefatshe ke mang? Fatshe lohle lona le theilwe ke mang? 14Haeba e ne le morero wa hae, a busetsa moya wa bophelo ho yena, 15tsohle tse phelang di ne di tla timela, motho le yena, a kgutlele leroleng. 16“Ha o le bohlale, ako mamele, polelo tsa ka o di sekehele tsebe! 17Na ya hloileng toka, ho busa a ka ho tseba? Kapa o ahlola Ya Matla, Ya Lokileng? 18Yena ya reng ho kgosi: 19Ha a ye ka leeme ha a sebeletsa babusi, morui le mofutsana ke ditshwantshwang ho yena, kahoba bohle ke mmopo wa matsoho a hae. 20Ka ho panya ha ntshi ba shwa le hara bosiu, tjhaba se hlokolehe, bona ebe ba iketse; natla di nyamele di sa angwa ke letsoho la motho! 21“Mahlo a hae a disitse metsamao ya batho, mehato yohle ya batho le yona o a e bona. 22Ha ho na lefifi le letsholetsho, moo baetsadibe ba ka tsebang ho ipata. 23Modimo ha a hloke ho balla batho dinako ho tla kahlolong, kapele ho yena. 24O thuakanya bo-ramonatla ho se na nyewe, tulong tsa bona ebe o bea ba bang. 25Ka baka leo, mesebetsi ya bona o a e tseba, ba phetholwa e le bosiu, ebe ba a phetshelwa. 26Modimo o ba otlela bokgopo ba bona, o ba otlela pontsheng ya batho bohle, 27hobane ba kgaoditse ho mo latela, ha ba a ka ba natsa tsela tsohle tsa hae. 28Dillo tsa mafutsana ba di fihlisitse ho yena, dillo tsa bahlomohi Modimo o a di utlwa. 29“Haeba a ikgutsetsa a ka nyatswa ke mang? Ha ipata sefahleho, teng a ka bonwa ke mang? O okametse batho le ditjhaba ka ho tshwana. 30O thibela motho ya kgopo ho busa, a mo thibele ha a tjhehela setjhaba maraba. 31“Haeba motho a ka re ho Modimo: 32ako nthute tseo ke sa di tsebeng, haeba ke entse bokgopo nke ke ka pheta hape;> 33na o re Modimo a ye ka thato ya hao, athe wena o nyatsa diketso tsa hae? Boikgethelo ke ba hao, hase ba ka, kahoo wena bolela seo o se tsebang. 34“Ba nang le kutlwisiso ba tla bolela, banna ba bohlale, ba nkutlwang, ba re: 35 36Jobo a nna lekwe ho-ya-ho-ile, hobane o araba sa batho ba kgopo. 37Dibe tsa hae o di eketsa ka bofetohedi, o etsa nyediso moo re mo utlwang, ka polelo tse ngata o nyedisa Modimo.”