Job 35:1-16 SSO1989 - Bible AI

1Elehu a bua hape, a re:

2“Na o bona ho nepahetse ha o re:

3O re ho yena:

4“Jwale nna polelo tsa hao ke tla di araba, le tsona tsa metswalle ya hao.

5Lelalla mahodimong o ke o bone, tadima maru a o phahametseng.

6Ha o etsa sebe Modimo o mo senyetsa eng? Ha o ngatafatsa tshito tsa hao, hoo hona ho mo etsetsa eng?

7Haeba o lokile o mo nea eng? Kapa o amohela eng letsohong la hao?

8Bokhopo ba hao bo senyetsa ba jwaloka wena, ho loka ha hao ho thusa ba jwaloka wena.

9“Batho ba lliswa ke ho hatellwa haholo, ba llela ho namolelwa kgokeng tsa ramonatla.

10Empa ha ho ya reng:

11ya re rutang ho fetisa phoofolo tsa naha, ya re hlalefisang ho fetisa nonyana tse fofang?>

12Leha ba ipiletsa, yena ha a arabe, ka baka la boikakaso ba ba etsang bokgopo.

13Ruri Modimo a ke ke a mamela mafeela, Ya Matla wohle a ke ke a a natsa.

14“A ka o mamela jwang, o re ha o mmone; o re nyewe ya hao e kapele ho yena, wena o so lebeletse yena feela?

15O ithetsa ka ho re kgalefo ya hae ke mosesetso, esita le bokgopo Modimo ha a bo natse.

16Ka baka lena, Jobo o bua feela, o pepeta haholo, feela a se na tsebo.”

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>