1Elehu a tswela pele, a re:
2“Bea butle ho se hokae, nke ke o bontshe: Polelo tse emelang Modimo di sa le teng.
3Tsebo ke tla e fuputsa hole le hohle, ha ke buella ho loka ha Mmopi wa ka.
4Polelo tsa ka hase tsa bosawana; ya buang le wena ke monna wa mohlalefi.
5“Modimo o matla, empa ha a nyedise batho; ha ho letho leo a sa le tsebeng.
6A ke ke a tlohela moetsadibe a phela, empa mafutsana o a sebeletsa ka toka.
7Ba lokileng ha a kgaotse ho ba hlokomela, o ba bea le dikgosi hodima diterone; o ba bea teng, a ba phahamise kamehla yohle.
8Empa ha ba tlamilwe ka mahlaahlela, ba bofilwe ka kgwele tsa tlokotsi,
9o ba supisa mesebetsi ya bona, dibe tse entsweng ka boikgantsho.
10O etsa hore ba mamele kgalemelo ya hae, a ba laele hore ba furalle bokgopo.
11Ha ba mo mamela, ba mo sebeletsa, ba tla qeta matsatsi a bona ka boiketlo, lemo tsa bona ba di qete ba atlehile.
12Empa ha ba ithiba ditsebe, ba sa mamele, lefu la bona e tla ba la sabole, ba be ba shwe tsebo ba se na yona.
13“Baetsadibe ba tletse kgalefo dipelong tsa bona, leha ba se ba tlamilwe ha ba ke ba kopa thuso.
14Ba shwa ba sa le batjha, ba shwe ba phela le bo-ramaotwana.
15Ba ditlokotsing o ba pholosa ka ditlokotsi, a thibolle tsebe tsa bona ka matshwenyeho.
16“Le wena a ka ba o ntshitse ditsietsing, a o isitse bakeng se sa patisanang, moo tafole ya hao e tla tlala mapetle!
17Kahlolo ya ba kgopo e o wetse hodimo, kahlolo le toka di se di o maname.
18Hlokomela, esere maruo a o hohela, o se ka dumela ha tjotjo e o kgelosa.
19Ha o llela thuso, maruo a hao a ke ke a o tswela molemo, kapa matla a hao a o ntsha tsietsing tsa hao.
20Se labalabele bosiu ba kahlolo ho fihla, ha tjhaba di timela dibakeng tsa tsona.
21Hlokomela, o se sekamele bokgopong, boo o bo ratang ho feta tlokotsi.
22“Modimo o phahametse bohle ka matla a hae; moruti ke ofe ya tshwanang le yena?
23Tsela ya hae o e kgethetswe ke mang? Ke ofe ya ka reng ho yena:
24Hopola ho tlotlisa mesebetsi ya hae, mesebetsi eo batho ba e rokang ka difela.
25Batho bohle ba bone mesebetsi eo, ba e boha ba le hole le yona.
26Modimo o moholo ho feta kutlwisiso ya rona, palo ya lemo tsa hae ha re ka ke ra e fihlela.
27“O monya marothodi a metsi, ka mouwane wa ona ebe o nesa pula.
28Maru a pula a tlhotlela diphororo fatshe, mafafatsane e be ditlwebelele, e be ditlwebelele ho batho.
29Ya tsebang ho thiba ha maru ke mang, le ho thwathwaretsa ha lehodimo la hae?
30Hadima la hae le takolotsa le lehodimo, botebo ba lewatle o a bo kguruma.
31Ke ka tsona a ahlolang ditjhaba, ke ka tsona a di fang nala.
32O tshwere lehadima ka matsoho a hae, o laela hore le otle botsekeng.
33Letolo ke selelekela sa sefefo sa hae, ho tla ha sona le diphoofolo di a ho tseba.”