Job 37:1-24 SSO1989 - Bible AI

1“Fefo sena se thefula methapo ya pelo ya ka, ere ha e thanya e be tlohe madulong.

2Mamedisa ho thwathwaretsa ha ntswe la Modimo, o mamele modumo o tswang molomong wa hae.

3O dumisa letolo tlasa mahodimo wohle, hadima la hae le yo fihla pheletsong tsa lefatshe.

4Lentswe le purumang le latela lehadima, Modimo o pokosela ka ntswe la bohosi ba hae; ha maru a thwathwaretsa lehadima ha a le thibele.

5Ho pokosela ha ntswe la Modimo ho a makatsa; o etsa dikgolo tse fetang kutlwisiso ya rona.

6Ho lehlwa o re: Ho lefafatsane:

7Mosebetsi wa motho ka mong o a o emisa, batho bohle ba tsebe mosebetsi wa hae.

8Batana di hohobela dilaong tsa tsona, ebe ka mesimeng ya tsona di a ipothela.

9Mamati a tjhankana ya sefefo a petlekilwe, meya e pepetlang e tlisa serame.

10Ha Modimo a phefumoloha leqhwa le a bopeha, kahohle metsi a fetohe qhoqhwaane.

11Maru a matsho a dusa pula ya motloporo, ka maru ao, Modimo lehadima o a le hasa.

12Maru a ntsa phethesela tseleng ya wona, a aparetse lefatshe kahohlehohle, a phetha taelo tseo Modimo a di entseng.

13Modimo a ka nesa pula e le kotlo ho batho, kapa a e nesa hore fatshe le be mongobo, kapa a e nesa e le supo sa lerato la hae.

14“Oho, wena Jobo, ako mamele sena: Kgutsa, o ko nahane dimakatso tsa Modimo!

15Na o tseba kamoo Modimo a laolang maru kateng, le kamoo a etsang hore hadima la hae le tsekeme?

16Na o tseba kamoo maru a tsheheditsweng kateng, le dimakatso tsa eo tsebo ya hae e phethehileng?

17Na o tseba hore aparo di futhumatsa jwang ha moya o hlaha borwa, naha e jele boya?

18Na o ka mo thusa ho sarolla mahodimo, mahodimo a bothata ba seipone sa lethose?

19“Re rute hore na re tle re reng ho yena; re sitwa ho rala nyewe hobane re lefifing.

20Na a ka bolellwa hore ke rata ho bua le yena? Haeba motho a ka bua, ruri o tla timetswa!

21“Ho jwalokaha moya o fefera maru, tsatsi le sala mmanameng le kganya, batho ba sitwa ho le tadima ke ho ba fahla;

22le hlaha ka leboya e ka kgauta, tlotla ya Modimo e re kenyetse tshabo.

23Ya Matla wohle re ke ke ra mo fihlela, o re phahametse ka matla le ka dikahlolo, a ke ke be a sokamisa toka ya hae.

24Ka baka leo, batho bohle ba a mo tshaba, bo-tsebanyane bohle ha a ba natse.”

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>