Job 38:1-41 SSO1989 - Bible AI

1Jwale Morena a araba a le kahara sefefo, a re ho Jobo:

2“O mang wena, o fifatsang merero ya ka ka ho pepeta, empa o se na tsebo?

3Itlame letheka, o eme senna, ke o botse dipotso, wena o nkarabe.

4“Ha ke rala metheo ya lefatshe o no le kae? Haeba o na le tsebo, ako bolele he!

5Kaha o tsebanyane: Tekanyetso tsa lona di rerilwe ke mang? Thapo e methang bonamo e harolotswe ke mang?

6Tshiya tsa metheo ya lona di epetswe kae? Lejwe la mantlha lona la bewa ke mang,

7mohla bo-Mphatlalatsane ba binang ba le mmoho, mangeloi wohle a howa ka thabo?

8“Mohla lewatle le phatlohang mohloding wa lona, menyako e ne tinketswe ke mang ho le thibela?

9Ha ke ne ke le etsetsa kobo ya maru, ke le tlama mokgubu ka fifi la bo-nka-ntjana;

10ha ke ne ke le sehela meedi ya lona, ke le tinkeletsa ka mamati le mekwallo,

11ka na ka re:

12“Haesale o tswalwa na o kila laolela meso dinako, wa laela mafube ho hlaha ka nako ya wona,

13hore pheletso tsa lefatshe a di aparele, ba kgopo ba be ba phasaphase?

14Jwalokaha mmopo wa tempe sa tiiso o sala letsopeng, sedi le bonahatsa bopeho tsa lefatshe hantle, le di bonahatse sa mokgabiso seaparong.

15Ba kgopo ba ke ke ba bona lesedi, matla a bona a tla fediswa.

16“Na mehloding ya lewatle o kila fihla? Kapa kgotjheletsane tsa madiba wa di tsamaya?

17Na menyako ya ntlo ya lefu o kila e bona? Kapa wa bona menyako ya Nqalo ya Bafu?

18Na bonamo ba lefatshe o a bo tseba? Haeba tsena tsohle o a di tseba, ako bolele!

19“Tsela e yang habo lesedi ke efe? Lehae labo lefifi lona le hokae?

20Na o ka di isa habo tsona? Na tsela tse yang teng o a di tseba?

21O a di tseba, hoba o tswetswe pele ho tsona! Lemo tsa ho phela ha hao di ngata!

22“Na o kila kena matlung a polokelo ya lehlwa, kapa wa bona matlo a polokelo ya sefako,

23tseo ke di boloketseng nako ya ditsietsi, tsatsi la ho futuha le la dintwa?

24Tsela e yang ntswanatsatsi yona e kae? E yang habo moya wa botjhabela yona e kae?

25“Metsi a dikgohola a tjheketswe molapo ke mang, letolo le thwathwaretsang la rallwa tsela ke mang,

26hore pula e nele nahathothe, lehwatateng leo ho seng baahi ho lona,

27bataolo le dikaka di tle di nwesetswe, mobung ho fupuhe jwang bo botalana?

28Ntata pula ekaba yena ke mang? Marothodi a phoka wona a tswetswe ke mang?

29Ekaba leqhwa le tswa ho ya mang popelo? Rame sa lehodimo se lalang sona se tswetswe ke mang?

30Metsi a a hwama, a be sengangata jwaloka lejwe, leqhwa le aparele madiba kahohle.

31“Na o ka tlamahanya mahlaahlela a Selemela, kapa wa lokolla kgwele tsa Makolobe?

32Na o ka hlahisa dinaledi ka dinako tsa tsona, wa tsamaisa Bere le naletsana tsa yona?

33Melao e tsamaisang tsa lehodimo na o a e tseba? Na le moo lefatsheng o ka e sebedisa?

34“Ka ntswe la hao, na maru o ka a laela hore a o apese ka pula ya ditlwebelele?

35Na ke wena ya ka laelang lehadima ho thwakgatsa? Na le ye le tle ho wena, le re:

36Pelo ya motho bohlale e bo filwe ke mang? Mohopolo wona kutlwisiso wa e newa ke mang?

37Mohlalefi ke ofe ya tsebang ho bala maru, ya ka thulamisang merifi, merifi ya lehodimo,

38ha role la lefatshe le fetoha sengangata, makwete a momana, a etsa diqitikwe?

39“Na o ka tsomela tauhadi dinyamatsane, kapa tawana tsa yona wa di kgorisa ha di lapile,

40di ntse di qatjhame dilaong tsa tsona, kapa di laletse kahara dihlahla?

41Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo, ha madinyane a lona a ipiletsa ho Modimo, a lelera hohle ke ho hloka dijo?

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>