Job 39:1-30 SSO1989 - Bible AI

1“Na o tseba nako ya ho tswala ha podi ya naha? Na o kila bona kgama ha e phatla, e tswala?

2Na o ko bale kgwedi tsa kemaro ya tsona? Kapa o tsebe tsatsi la ho tswala ha tsona?

3Di botha fatshe, di tswale manamane a tsona, bohloko ba ho tswala ebe bo fedile.

4Manamane a tsona a holela naheng, ha a sa shahlile ebe a lahla mohlape.

5“Tonki e hlaha e neilwe bolokolohi ke mang? Meja e ne e kgatile e lokolotswe ke mang?

6Ke e abetse lehwatata hore e phele ho lona, masabasaba a lenyekethe e be bodulo ba yona.

7Lehesheheshe la metse e etsa metlae ka lona, mehoo ya moqhobi ha e fihle tsebeng tsa yona.

8E alohela thabeng ho ya tsoma lekgulo, e nyakurele kahohle ho batla ho hotalana.

9“Na nare e ka thapa, ya eba pelesa ya hao? Kapa ya robala e bothile pela sejelo sa hao?

10Na o ka e pana mohomeng hore e o lemele? Makwete ya a phophotha e o setse morao?

11Na o ka e tshepa ka baka la matla a yona? Wa e tshepela ho phetha mesebetsi ya hao e boima?

12Na o ka e tshepela ho pola mabele a hao, le ho a thothela hae ha a le otlong sa hao?

13“Mapheo a dimpshe a phuphusela ka thabo, empa e ke ke ya fofa jwaloka mokotatsie.

14Mpshe e behela mahe a yona mobung, e a tlohelle teng ho alangwa ke lehlabathe.

15Ha e elellwe hore leoto le ka a bjaratsa, kapa sebatana sa a hatakela hodimo.

16E sotla madinyane a yona jwalokaha eka hase a yona, ha e tsotelle letho, leha eba e tswaletse lelea,

17hobane yona Modimo o ila e tima bohlale, a se ka e tsipela le kelello ena e pala!

18Empa ha e thathalatsa mapheo ho matha, e a keketeha ha e bona pere le mopalami!

19“Na pere matla e a filwe ke wena, molala wa o kgabisa ka moetse o maebeebe?

20Na o ka tseba ho e qotomisa sa tsie, wa e kgorohlisa ka dinko ho tshosa batho?

21E tila fatshe ka kgohlong, e thabetse matla, e itukubetse kahara marumo sa motswelantweng

22Pere e tsheha tshabo, ha ho letho le e tshosang; ha e ke e furalla ke ho tshaba sabole.

23Kgopong tsa yona ho shohlomana kgohlopo, ho bile ho tsekema marumo le ditsenene!

24E koma mobu ka bohale le ka mabifi, leha ho letswa lenaka ho tila ha e ho kgaotse.

25Ha naka le lla e a howa, e re: E dupa monko wa ntwa e sa le hole! E dupe mehoo ya balaodi le mekgosi ya ntwa.

26“Na ke ka bohlale ba hao phakwe e tsebang ho fofa, e thathalatsang mapheo, ebe e leba borwa?

27Na ke ka taelo ya hao ntsu e tsebang ho fofa, e hahang hlaha sa yona hodimo tsullung?

28E phela dilomong, bosiu e lala hona teng, qhobosheane ya yona e ka lefarung.

29Diselo e di tsoma e dutse hona moo, mahlo a yona a di bona di le hole.

30Madinyane a yona a phela ka ho nwa madi, kamehla yona e fumanwa hara dififi.”

© Bible Society of South Africa, 1989
iv>