1Jwale Elefase ya tswang Temana a araba, a re:
2“Ebe o tla teneha ha motho a buisana le wena? Empa ke mang ya ka tshwarang leme la hae?
3Hopola kamoo o rutileng ba bangata kateng, wa matlafatsa matsoho a tepeletse!
4Polelo tsa hao di tsheheditse ba kgoptjwang, wa matlafatsa mangwele a rerekela.
5Jwale ha tsietsi e o tlela o a nyahama; ere e o fihlela ebe o a thethelwa!
6Ho tshaba Modimo ha hao hase hona letshepa la hao, ho hloka kodi ha hao yona ntshepedi ya hao?
7“Ako nahane: Mohlokakodi ke ofe ya kila lahleha? Ba lokileng bona ba kile ba timetswa hokae?
8Kamoo nna ke seng ke bone kateng, ba lemang bobe, ba be ba jale bokgopo, ba kotula hlanyelo e tshwana le tsona.
9Ha Modimo a halefa ba a timela, fefo sa kgalefo ya hae se ba fedise.
10Lekakuba le a puruma, tautona e kgarumake, meno a ditawana a fetohe, a fetohe dikotwana.
11Tautona e shwa ke ho hloka sebolawa, tawana tsa tauhadi di phasaphase kahohle.”
12“Ke ile ka nyenyeletswa ka lekunutu, ka longwa tsebe ka ba ka hwesheletswa.
13Menahanong ya ka, ya ditoro, bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katela,
14tshabo le thothomelo tsa nkwela hodimo, masapo wohle a mmele a keqemana.
15Seriti sa falola kapela mahlo a ka, mmeleng wa ka mohwete wa iketsa diqala!
16Sa re themelele! Ke ntse ke tadimile, sa sona sobepeho ke sa se tsebe! Sa ema kapela mahlo a ka, ha didimala, ka utlwa lentswe le nyenyetsa, le re:
17 18Ha Modimo a sa tshepe bahlanka ba hae, mangeloi a hae a a qosetsa bohelehele; 19a ka tshepa jwang ba meqhemeng ya makwete, ba bopilweng ka role la lefatshe, ba phetshelwang habonolo jwaloka tshwele? 20Le ba tjhabela ba phela, le dikele ba fedile, ba timelle ruri, ba sa natswe ke motho. 21Dimapo tsa tente tsa bona di a motsulwa, ba be ba shwe ba hloka bohlale!> ”