1Morena a boela a re ho Jobo:
2“Na monyatsi a ka phea kgang le Ya Matla wohle? Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!”
3Yaba Jobo o araba Morena, o re:
4“Bona, ha ke letho! Nka o araba jwang? Ka tsoho la ka ke thiba molomo wa ka.
5Ke se nkile ka bua, nke ke ka hlola ke araba; ke ile ka bua habedi, nke ke ka bua ho feta moo.”
6Morena a araba Jobo a ntse a le kahara sefefo, a re:
7“Itlame letheka, o eme senna, ke o botse dipotso, wena o nkarabe.
8“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?
9Na tsoho la hao le tshwana le la Modimo, hoo o ka kirietsang ka ntswe le kang la hae?
10Ikgabise he ka tlotla le ka bokgosi, o ikapese ka hlompho le botlotlehi.
11Filo la kgalefo ya hao o hlo le hlatse, ha o bona moikgohomosi o mo kokobetse;
12ha o bona moikgohomosi o mo theole, o tlabikelle ba kgopo tulong tsa bona;
13o ba epele leroleng ba le mmoho, topo tsa bona o di kwahelle ka lebitleng.
14Jwale le nna ke tla o thoholetsa, ke re:
15“Tadimisisa kubu hantle! Ke e bopile jwalokaha ke o bopile, empa yona e fula jwang jwaloka kgomo.
16Ako bone matla a letheka la yona! Bona bothata ba ditshika tsa mohodu wa yona!
17E peralatsa mohatla wa yona, e o peralatse jwaloka fate sa kedare, ditshika tsa rope tsa yona di teteane;
18masapo a yona a tshwana le pompo tsa lethose, masapo a yona a tshwana le ditshiya tsa tshepe.
19Hara mmopo wa Modimo ke thahadima, e ka hlolwa feela ke Mmopi wa yona.
20Dijo tsa yona di theoha dithabeng, moo phoofolo tsa naha di bapallang teng.
21E botha tlasa difate tsa leoka, e ipata mokgwabong hara lehlaka.
22Leoka le e etseditse moriti, e etseditswe sakana-la-nkope, la e etsetswa ke meduwane, meduwane ya melatswana.
23Ha e balehiswe ke ho tlala ha noka, ha e tshohe leha Jorodane e ka phuthumana, ya phuthumanela ka hanong la yona.
24E ka tshwarwa ke mang e ntse e shebile, Ya kenngwa kgwathatha ka nkong ke mang?