1“Na ka selope kganyapa o ka e tshwasa, kapa ka kgwele leleme la yona wa le tlama?
2Na o ka e kenya kgwathatha ka nkong? Kapa mohlaare wa yona wa o hlaba ka moutlwa?
3Na e tla rapela hore o e rekolohele, kapa e bue ka bonolo, e nne e o qekise?
4Na e tla etsa tumellano le wena, hore e be kgoba la hao kamehla yohle?
5O tla e bapadisa sa ha o bapadisa nonyana, kapa o e holehele bananyana ba hao?
6Na bahwebi ba heno ba tla e tsekisana ka theko, kapa ba e arolele bareki?
7Na ka dikwebe tlalo la yona o ka le phunya, kapa ka tsenene hlooho ya yona o ka e hlaba?
8Ako e ame ka letsoho la hao! Ntwa e tla ba ya kgumamela; o ke ke be wa hlola o pheta hape!
9“Tshepo ya ho e hlola ke lefeelafeelane, motho ha a e bona pelo ya hae e a nyahama.
10Ha ho na ya sebete se lekaneng ho e qholotsa; ebe jwale ke ofe ya ka thulanang le nna, Modimo?
11Ya ntsekisang molato ke ofe, ke tsebe ho mo lefela? Ditsohletsohle tlasa lehodimo ke tsa ka.
12“Ha nka ke ka tlohela ho bua ka ditho tsa kganyapa, ka matla a yona le bopeho se kgahlehang sa yona.
13Bokantle ba tlalo la yona bo ka ebolwa ke mang? Ya ka atamelang ke mang, a e kenya tomo hanong?
14Ya ka itetang sefuba ho e ahlamisa mehlaare ke mang? Meno a yona a dikwetsepe a a tshabeha!
15Mokokotlo wa yona o kwahetswe ke makgekgebu, makgekgebu a momahaneng eka a manamisitswe ka boka;
16a momahane haholo, moya o ke ke wa tswa pakeng tsa wona.
17A kopantswe hathatathata, a momahane hoo a ke keng a arohanngwa.
18Ha e thimola, ka nkong tsa yona ho tswa lesedi; mahlo a yona eka mahlasedi ha mafube a hlaha.
19Malakabe a tlola ka molomong wa yona, tlhase di betseha seka motjhotjhonono.
20Mosi o foqoha ka nkong tsa yona, jwaloka mosi ha pitsa e mollong wa ditlhaka e bela.
21Moya wa yona o butswela mashala a hlene, malakabe a tlole ka hanong la yona.
22Molala wa kganyapa o shidikane, ba e bonang ba phakgasela ke tshabo.
23Maphutha a tlalo la yona a momahane, a sataletse, a ke ke a sisinyeha.
24Bothata ba pelo ya yona ekare ba lejwe, bothata ba yona bo tshwana le ba lwala la moralla.
25Ha e soballa natla di a phakgasela, di suthe kapele ho yona ke tshabo.
26Kahodima yona ho kuba sabole, ho kube lerumo, le motsu, le yona tsenene!
27Ho yona tshepe e tshwana le setoroi feela, lethose le tshwana le patsi e bodile.
28Ha e balehiswe ke metsu e betswa, majwe a letjeketjane a ka mmoko ho yona.
29Ho yona koto e tshwana le setoroi feela, ho shohlomana ha marumo ho a e keketehisa.
30Mpa e makgekgebu a thata sa mangetana, e siya mohlala jwaloka selei se hulwa seretseng.
31E tsapodisa madiba jwaloka pitsa e bela, lewatle le bele sa pitsa e phehile mafura.
32Tseleng e siya mophula wa metsi a benyang lekweba, o ka re moriri o moputswa o metse lewatleng.
33Fatsheng lohle kganyapa ke torobela, ke bopuwa se sa bopellwang le tshabo.
34Tsohle tse mabela e di shebela maotong, ke kgosi ya batana tsohle tse ikakasang.”