1Empa Jobo a araba, a re:
2“Ao! hoja ho komakoma ha ka ho ka lekanngwa, tsietsi tsa ka tsa bewa sekaleng,
3di ne di tla feta hlabathe la lewatle ka boima; ke ka hona ke ileng ka phatloha feela.
4Metsu ya Ya Matla wohle e ntlhabile, mahloko a yona a tjhatjhametsa le moya wa ka, matshabeho a Modimo a nteetse theko!
5Na tonki e ka lla kgulo le le lengata? kapa pholo ya bohla e ntse e fula?
6Dijo tse bosula di ka jewa ho se letswai? Na mothwebe o mosweu wona o a latsweha?
7Dijo tse jwalo ha ke di lakatse, di tshwana le tse nqhuqhumisang mala!
8“Hoja kopo ya ka e ne ka ananelwa, Modimo a nnea seo ke se labalabelang;
9Modimo a kgahlwa ke ho mphetshela, a nkisa letsoho, a ntimetsa.
10Ke ne ke tla thaba, ke tshedisehe, ke tsebe ho mamella ditlokotsi tsa ka, hoba polelo tsa Ya Halalelang ha ke a di hanyetsa.
11“Ke sa na le matla afe, a ho nnea letshepa? Ke tla fella kae, ha ke qenehetse ho phela?
12Na mmele wa ka o thata jwaloka lejwe? Kapa nama ya ka e entswe ka lethose?
13Matla o ho ithusa a mpheletse, sehlaha sa bohlale se setse feela.”
14“Ya nyahameng pelo eka kgona a hauhelwe, ke metswalle, leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.
15Bana beso ha ba tshepahale sa melatswana, ba ka melatswana e tlala, e ba e feta,
16e ba maduke ke qhoqhwaane ho qhibidiha, e patehe ke lehlwa ho kgetheha.
17Ha motjheso o fihla e a nyamela, ha tsatsi le ema a pshele ruri.
18Baeti ba kgeloha tsela, ba batla metsi, ba ye lehwatateng, ba be ba timele.
19Baeti ba tswang Tema ba batla metsi, bahwebi ba Sheba ba batla ka letshepa;
20ba tsielehile, leha ba ne ba tshepile, ba fihlile teng, jwale ba swabile.
21Ho nna, le lona le ka melatswana eo: Le a bona ke wele ka phatla, lona le a ntshabella!
22Na nkile ka re:
23Kapa:
24“Nthuteng, ke tla mamela ke didimetse, le ntlhalosetse na phoso ya ka e kae.
25Mantswe a nnete a matla hakaakang! Polelo tsa lona ekaba di supa eng?
26Ebe le rerile ho nyatsa polelo tsa ka, le re tsa ya tsherehaneng di ya le moya feela?
27Le kgutsanyana kgudu! le ka e rekisa, la tjhekela motswalle wa lona lemena.
28“Jwale dumelang, le ntadime sefahlamahlo: Taba di mahlong, shano la ka le tla itshupa.
29Ke a le kopa: Imameleng, phoso e se be teng; imameleng hape, esere ho loka ha ka ha thunthetswa.
30Ebe phoso e tswile lelemeng la ka? Na nka sitwa ho kgetha tse molemo ho tse kgopo?