Job 7:1-21 SSO1989 - Bible AI

1“Bophelo ba motho mona lefatsheng ke ntwa, matsatsi a hae ekare a mohiruwa,

2a mohlanka ya labalabelang moriti, a mohiruwa ya lebeletseng moputso;

3nna lefa la ka ke kgwedi tsa ho sebeletsa lelea, ke abetswe masiu a mokgathala.

4Kamehla ha ke robala ke a ipotsa: Empa siu bo bolelele, bo a tosa, ke hlobaela jwalo ho fihlela mafube a hlaha.

5Diboko le kgoho tsa mobu di nkgometse, tlalo la ka le dipekane, le petla boladu.

6Matsatsi a ka a potlaka sa nale ya selohi, a be a fele tshepo yona e nkwekwetla.

7“Modimo, hopola: Phelo ba ka bo ka moya feela, mahlo a ka ha a ka ke a bona tse molemo hape.

8Ya mponang jwale, ha a sa tla boela a mpona, etlare ha o mpatla ke be ke le siyo!

9Jwalokaha maru a fefoha, a nyamele, ya theohelang Nqalong ya Bafu a ke ke a nyoloha;

10ha a ke ke a kgutla, a kgutlela lapeng la hae, tulo tsa hae di sala di le feela, a ke ke a hlola a dula tulong tsa hae.

11Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile.

12“Ebe nna ke lewatle kapa kganyapa, ha o mpeetse balebedi ho ntisa?

13Ha ke re: Phate tsa ka ke tsona tse tla ntshedisa, moalo wa ka o nthethefatse ho komakoma,

14wena Modimo, o ntshosa ka ditoro, ka dipono o mpakela ho thothomela;

15kahoo ke ikgethela lefu la ho kgangwa, ho ena le ho phela ke le masatswane.

16Bophelo bona ba ka bo ntenne, nke ke ka phela kamehla yohle; ako ntese, matsatsi a ka ke mouwane!

17“Motho e ne leng, ha o mo nketse hodimo hakaale, o bile o mo hlokometse hakaale?

18Kamehla hoseng o a mo hlahloba, kamehla motsotso ha o fete o sa mo leke.

19O tla kgaotsa neng ho ntjamela, o ko mphe tshweya, ke metse mathe?

20Haeba ke sitilwe, ke o sinyeditseng? Wena Molebedi wa batho? Ke ka dife o nkentseng pakane ya hao, hoo le nna ke seng ke bile ke itenne?

21Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”

© Bible Society of South Africa, 1989
v>