Jonah 2:1-10 SSO1989 - Bible AI

1Jonase, ha a le ka mpeng ya leruarua, a rapela Morena Modimo wa hae,

2a re: “Mahlomoleng a ka ka ipiletsa ho Morena, ka ipiletsa ho yena, mme a nkaraba. Ka kopa thuso ke le botebong ba Nqalo ya Bafu, mme wa utlwa lentswe la ka.

3O ile wa nkakgela kweetseng, wa nkakgela bodibeng ba lewatle; wa nkakgela, mme metsi a mpupetsa, maqhubu a tsudubutlana hodima ka.

4Ka re:

5Ke fihlile kweetseng, metsi a nkgamme, lewatle le mpotapotile kahohle, bolele bo rareditse hlooho ya ka.

6Ke ne ke tebile, ke le tlase ho dithaba, mekwallo ya Nqalo ya Bafu e nkwalletse ruri; empa wena Morena Modimo wa ka, o mpholositse Nqalong eo ya Bafu.

7“Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang.

8“Ba kgumamelang medingwana ya bohata, ba furalla sediba sa bona sa mohau.

9Ha e le nna ke tla o nyehella ka sehlabelo, ke ntse ke o binela ka teboho, ke phetha le tsona dikano tsa ka. Pholoho e tswa ho Morena!”

10Yaba Morena o laela leruarua hore le hlatsetse Jonase lebopong la lewatle.

© Bible Society of South Africa, 1989
div>