Judges 5:1-31 SSO1989 - Bible AI

1Ka lona letsatsi leo Debora, le Barake, mora wa Abinoame, ba bina, ba re:

2“Kaha baetapele ba Iseraele ba eteletse Baiseraele pele, kaha setjhaba se ikentse sehlabelo ka boithaopo, lona rorisang Morena!

3“Lona dikgosi mamelang, lona mahosana sekehang tsebe, nna ke tla binela Morena, ke binele Morena Modimo, Modimo wa Iseraele.

4“Morena, ha o futuha o etswa Seire, o haola, o etswa naheng ya Edomo, lefatshe la na la thothomela, mahodimo a thwathwaretsaka, e, maru a nesa ya ditlwebelele.

5Dithaba tsa qhibidiha kapela Morena, le Sinai ya qhibidiha kapela Morena Modimo wa Iseraele.

6“Mehleng ya Shamegare mora wa Anate, mehleng ya Jaele ditsela tsa mela mohlwa, batsamai ba hlahlathela ka ditselana.

7Iseraele ya hloka babusi, ya ba hloka ho fihlela nna Debora ke ema ka maoto, ke le mma Baiseraele.

8Ba ikgethela medimo e metjha, ntwa ya eba teng kgorong tsa metse ya bona. Hara ba kete tse mashome a mane tsa Baiseraele, na ho kile ha bonwa thebe kapa lerumo?

9Pelo ya ka e rata balaodi ba Iseraele, lona ba ikentseng sehlabelo sa setjhaba ka boithaopo, lona rorisang Morena!

10“Lona ba palamang ditonki, tonki tse tshweu, lona ba dutseng dibutshabutsheng, le lona bo-mofetakatsela, bolelang jwalo.

11Holehole le marata a bo-rametsu, bakeng tseo ho kguwang metsi ho tsona, teng ba tla pheta ketso tse lokileng tsa Morena, ketso tse lokileng tsa babusi ba hae ba Iseraele; jwale tjhaba sa Morena sa theohela kgorong tsa metse.

12

13“Masalla a mahosana a theoha, tjhaba sa Morena sa theoha jwaloka bahale ho nthusetsa.

14Banna ba Efraime ba theohela naheng ya Amaleke, Benjamine a o latela a le hara mabotho a hao. Balaodi ba theoha ba etswa ha Makiri, ha Sebulone ha tswa ba nkileng mokgele wa molaodi.

15Mahosana a Isakare a tsamaya le Debora, Isakare le yena a tsamaya le Barake, ya eba letlaburu retheng tsa hae ho leba kgohlong. Ba morabe wa Rubene ba ferekana, ba ipotsa hore na ba ka ya thusetsa.

16Le duletseng hara mehlape ya lona, le mametse makodilo a badisana? Ba morabe wa Rubene ba ferekana, ba ipotsa hore na ba ka ya thusetsa.

17Gileade a itulela mose ho Jorodane, Dane yena o duletseng ka dikepeng? Ashere yena o ituletse lebopong la lewatle, o iphomoletse dikoung tsa lona.

18Morabe wa Sebulone o ipeile kotsing ya lefu, le wa Nafthali o entse jwalo o le hodima dithaba.

19“Dikgosi tsa fihla tsa lwana, dikgosi tsa Kanana tsa lwana di le Taanake, di le Taanake pela metsi a Megido, empa ha di a ka tsa hapa silefera.

20Dinaledi tsa lwana di le hodimo, tsa lwantsha Sisera di le tseleng ya tsona.

21Molapo wa Kishone wa ba hohola, molapo wa boholoholo, molapo wa Kishone; ba hatakele ka matla, wena moya wa ka!

22Tlhako tsa dipere tsa tilaka fatshe, tsa tilaka fatshe ha natla di baleha.

23 ho rialo ngeloi la Morena,

24“Ho lehlohonolo Jaele hara basadi, yena mosadi wa Hebere wa Mokene, o lehlohonolo hara basadi bohle ba phelang ditenteng.

25Sisera a kopa metsi, Jaele a mo nea lebese, a mo tlisetsa lebejana ka mohope wa mahosana.

26Ka tsoho le letshehadi a nka thakgisa ya tente, ka tsoho le letona a nka noto, a ngaba Sisera ka yona, a pshatla hata la hae, a kgokgothella thakgisa tlhafunelong ya hae.

27Sisera a wela fatshe maotong a hae, a wela fatshe, a tjapalla, a wela maotong a hae, a tjapalla, a shwela moo a wetseng teng.

28“Mma Sisera a hlaha ka fesetere a qamaka, a howa a le kamora lesira, a re:

29Tse bohlalehlale tsa kgosatsana tsa hae di a mo araba, e, le yena o bile o a ikaraba:

30

31“Dira tsohle tsa hao a di ke di timele, Morena, empa ba o ratang ba be jwaloka letsatsi, letsatsi ha le tjhaba ka matla a lona.” Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.

© Bible Society of South Africa, 1989
/div>