1Morena, ako hopole tse re wetseng hodimo! Ako tadime, o bone sekgobo sa rona!
2Naha ya rona e hapilwe ke baditjhaba, melata e ikabile ka malapa a rona.
3Re dikgutsanyana, bo-ntata rona ba shwele, bo-mma rona ba fetohile bahlolohadi.
4Re nwa metsi a rekwang ka tjhelete, patsi re e fumana ka ho e reka!
5Baphaladisi ba rona ba re hateletse melala, re sebetsa ka thata, phomolo ha re e fumane.
6Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria, re tle re tsebe ho fumana bohobe.
7Bo-ntata rona ba entse dibe, mme ba shwele, rona re ahlolelwa makgopo a bona.
8Makgoba a fetohile babusi ba rona, ha ho ya re namolelang matsohong a wona.
9Re fumana dijo re okametswe ke lefu, ka baka la sabole e lehwatateng.
10Letlalo la rona le ntshofetse sa sebopi, ka baka la ho phela hara sekoboto.
11Ba ile ba beta basadi ba Sione, ba beta le barwetsana ba metse ya Juda.
12Mahosana a ile a tshwarwa, a fanyehwa, baholo ba setjhaba ba rolelwa hlompho.
13Bahlankana ba sebetsa ka thata, ba a sila, bashanyana ba sudubana tlasa mangata a patsi.
14Maqheku ha a sa dula kgorong ya motse, batjha ba kgaoditse ho letsa makodilo.
15Thabo ya pelo tsa rona e fedile, metjeko ya rona e fetohile bofifi.
16Meqhaka e wele hloohong tsa rona, re madimabe, hobane re sitilwe.
17Ka baka la tsena pelo tsa rona di nyahame, ka baka la tsena mahlo a rona a fifetse.
18Kahobane thaba ya Sione e le feela, phokojwe di nyanyaka hara masupi a yona.
19Wena Morena, o busa kamehla yohle, terone ya hao e hlomamiseditswe meloko yohle.
20Ke ka baka lang o re lebalang kamehla? Ke ka baka lang o re furallang halelele?
21Re kgutlisetse ho wena Morena, re tla kgutla, ntjhafatsa tshiu tsa rona di be jwaloka pele.
22Kapa ebe o so re lahletse ruri? Kgalefo ya hao ha e sa na moedi?