1Jwale balekgetho le baetsadibe kaofela ba atamela ho mamela Jesu.
2Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba korotla, ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe, mme o ja le bona!”
3Yaba o ba bolella setshwantsho, o re:
4“Ke ofe hara lona ya nang le dinku tse lekgolo, eo ekareng ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a siya tse mashome a robong a metso e robong naheng, a yo batla e lahlehileng, ho fihlela a e fumana?
5Ha a e fumane, a e jare a thabile,
6mme ha a fihla hae a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona:
7Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.
8“Kapa ke ofe mosadi ya nang le didrakema tse leshome, eo ekareng ha a ka lahlehelwa ke drakema e le nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tlhokomelo, ho fihlela a e fumana?
9Ha a e fumane, a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re:
10Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”
11Jesu a re: “Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi.
12E monyenyane a re ho ntatae:
13“Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela lefatsheng le hole, mme teng a hafa leruo la hae ka ho phela habohlaswa.
14Yare hoba a hafe tsohle, ha wa tlala e kgolo lefatsheng leo, mme a qala ho hloka.
15A tholwa ke e mong wa baahi ba lefatshe leo, mme eo a mo romela naheng ho ya alosa dikolobe.
16O ne a bile a lakatsa ho ja ditholwana tsa difate tse jewang ke dikolobe, empa ho se ya mo fang.
17“Eitse hoba a ikelellwe, a re: 18Ke tla tsamaya, ke ye ho ntate, ke re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena: 19Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao; ako nketse e mong wa bahiruwa ba hao.> 20A tsamaya, a ya ho ntatae. “Yare a sa le hole ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a mo kopa ka molala, a mo aka. 21“Mora a re ho yena: 22“Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: 23Hape le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re je, mme re keteke, 24kahobane mora enwa wa ka o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.> Yaba ba qala ho keteka. 25“Mora wa hae e moholo o ne a le naheng. Ha a kgutla, mme a se a atametse ntlo, a utlwa diletsa le motjeko. 26A bitsa e mong wa bahlanka, a mmotsa, a re: 27“Eo a re ho yena: 28“A halefa, a hana ho kena. Ntatae a tswa, a mo rapela. 29Empa a araba, a re ho ntatae: 30empa ere ha ho fihla enwa mora wa hao, ya jeleng leruo la hao le diotswa, o mo hlabela namane e nontshitsweng!> 31“Ntatae a re ho yena: 32Ho a lokela hore re keteke, re thabe, kahobane ngwana enwa weno o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.> ”